Jeremia 48:27 - BIBELE27 Na hase Moabe e neng e soma Baiseraele? Na e kila ba fumana ba le hara mashodu, hoo e thukuthang hlooho ha e bua ka bona? Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)27 Na ha o a ka wa etsa Iseraele sesomo sa hao na? Na o ne a tshwerwe boshodung, haele mona o ne o sisinya hlooho ka yena, ha o bolela tsa hae na? Ver Capítulo |
Jwale lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Modimo: Morena Modimo o bua tjena ho dithaba, le ho maralla, le ho dinoka, le ho dikgohlo, le ho dithako tseo e seng e le masupi, le ho metse e setseng e le feela, e ileng ya fetoha lelobelo le sesomo ho masalla a baditjhaba a le potapotileng.