Eo ya tswang Edomo ekaba ke mang, ya tswang Bosera aparo tsa hae di le kgubedu? Eo ya apereng tse ntlentle ekaba ke mang, ya hwantang ka bonatla bo boholo ba hae? “Ke nna ya buang ka tsa ho loka, ke nna ya nang le matla, matla a ho pholosa!”
metse yohle e tla hapuwa, diqhobosheane le tsona di kenwe. Mohlang oo pelo tsa bahlabani ba Moabe di tla tshwana le pelo ya mosadi, mosadi a kena tlung.
Ke ikanne,” ho rialo Morena, “Bosera e tla fetoha lesupi, e be sesomo, e nyedisehe, mme e rohakehe; metse yohle ya yona e tla fetoha masupi a kamehla yohle.”
Motse wa Besere, o lehwatateng, phuleng, e ne e le wa morabe wa Rubene; wa Rama, o Gileade, e le wa morabe wa Gade; wa Golane, o Bashane, e le wa morabe wa Manase.
Kamose ho Jorodane, naheng ya morabe wa Rubene, ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Besere e lehwatateng le hodima sehlaba le makgulo a yona, le Jahase le makgulo a yona,