Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 46:8 - BIBELE

8 Ke Egepeta e tlang sa Nile e sabaletse, e tlang sa noka tsa metsi a bilohang.” Egepeta e re: “Ke tla saballa, ke aparele lefatshe, metse ke e timetse mmoho le baahi ba yona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke Egepeta ya nyolohang a le jwaloka noka ya Nile; ho jwalokaha noka e ntse e tsokotsa metsi a yona; o re: Ke tla nyoloha, ke aparele lefatshe, ke senye motse le baahi ba wona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 46:8
7 Referencias Cruzadas  

O mmolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Faro, kgosi ya Egepeta, moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha!


“Wena ngwana motho, binela Faro, kgosi ya Egepeta, kodi-ya-malla, o re: “ ‘O tshwana le tawana hara ditjhaba, athe o ka kganyapa e phelang mawatleng, e thalang kahara dinoka tsa yona, e tuduanyang metsi ka maoto a yona, e dukang dinoka e be dikgotlela.’


Bara ba kgosi eo ya Siria ba tla hlomela, ba kgobokanye mabotho a mangata, a maholo, a tla tla ka sekgahla jwaloka morallo, a futuhele qhobosheane ya ba direng.


“Na naha yohle ha e na ho thothomela, le bohle ba ahileng ho yona ba bokolle? Naha yohle e tla kokomoha, e kokomohe jwaloka Nile, e be e nne e hlokolehe, e nto bohlela jwaloka noka ya Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios