Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 44:11 - BIBELE

11 “Ka baka lena, Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsebang hore ke rerile ho le tlisetsa koduwa le ho timetsa Juda yohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke retelletsa sefahleho sa ka ho lona, ho senya le ho kgaola Juda kaofela.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 44:11
9 Referencias Cruzadas  

Morena o beile leihlo la hae ho ba lokileng, o sekehetse sello sa bona tsebe.


Ke reretse motse ona bobe e seng botle,’ ho rialo Morena. ‘Motse ona o tla wela matsohong a kgosi ya Babilona, mme yona e tla o tjhesa ka mollo.’ ”


“Kahoo lona bohle ba morabe wa Juda ba ahileng naheng ya Egepeta, utlwang lentswe la Morena: Tsebang hore ke ikanne ka lebitso la ka le leholo, ho rialo Morena, hore ha ho motho wa morabe wa Juda ya naheng yohle ya Egepeta ya sa tla hlola a bitsa lebitso la ka, a re: ‘Ka Morena Modimo ya phelang!’


Ke tla ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantshe; ba tla phonyoha mollong wa pele, wa bobedi wona o ba tjhese, o ba timetse; kahoo le tla tseba hoba ke nna Morena, ha ke ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantsha.


“ ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo.


Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


Leha dira tsa bona di ka ba thopa, ke tla laela hore ba bolaelwe moo, ba bolaelwe hona moo ka sabole. Ke rerile hore ke ba timetse, e seng hore ke ba thusetse.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos