Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 42:14 - BIBELE

14 eba le re: ‘Tjhe, re tla ikela naheng ya Egepeta, moo re sa tlo hlola re bona ntwa, kapa re utlwa modumo wa lenaka, leha e le hona ho bolawa ke sekoboto, mme re tla phela moo;’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 mme la re: Tjhe, re mpa re tla ya lefatsheng la Egepeta, moo re ke keng ra bona ntwa, moo re ke keng ra utlwa modumo wa terompeta, moo re ke keng ra utlwa tlala, re nne re ahe teng;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 42:14
15 Referencias Cruzadas  

Bana ba Iseraele ba re ho bona: “Hoja Morena o hlile a re bolaela naheng ya Egepeta, moo re neng re ituletse pela dipitsa tsa nama, moo re neng re itjella bohobe, re kgora, hobane jwale le re tlisitse lehwatateng lena, hore setjhaba sena sohle se tlo shwela mona ke tlala.”


Setjhaba sa nyorelwa metsi haholo, mme sa nna sa korotlela Moshe, sa re: “Ke hobaneng ha o re ntshitse Egepeta, ho tla re bolaya ka lenyora, rona le bana ba rona, le diphoofolo tsa rona?”


Le itse: ‘Tjhe, re tla palama dipere, re balehe!’ E, le tla fela le balehe! La ba la re: ‘Re tla palama tse lebelo!’ Tse le phaladisang di tla ba lebelo ho feta!


Le theohela Egepeta le sa ntherisa, tshireletso le yo e batla ho Faro, le tshabele moriting wa Egepeta.


Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso.


“Ke longwa ke mala! Ke longwa ke mala! Botebo ba pelo ya ka bo tletse mahlaba! Pelo ya ka e uba kahare ho nna; nke ke ka kgutsa, hobane ke utlwile modumo wa lenaka le mokgosi wa ntwa.


Ke tla bona mokgele ho fihlela neng, ke utlwe modumo wa lenaka ho fihlela neng?


Ba tswela pele jwalo ho fihlela ba emisa Kimehame, haufi le Betlelehema, ba ntse ba le tseleng ya bona ho ya Egepeta,


Ba fihla naheng ya Egepeta, hobane ba ne ba sa ka ba mamela lentswe la Morena. Yaba he ba fihla Tahepanehese.


Ke hobaneng ha Morena a re tlisa naheng ee, hore re tlo bolawa ka sabole? Basadi ba rona le bana ba rona ba tla hapuwa. Na ha ho molemo hore re kgutleleng Egepeta?”


Ba buisana ba le bang, ba re: “A re ikgetheleng moetapele, re kgutleleng Egepeta.”


Na ke ntho e nyenyane hore ebe o re ntshitse naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi, ho tla re bolaela lehwatateng moo? Jwale o so ikentse mmusi wa rona?


Feela kgosi eo e se ke ya ba le dipere tse ngata, esere ya etsa hore setjhaba se kgutlele Egepeta ho ya reka dipere, hobane Morena o itse ho lona: ‘Le ke ke la hlola le kgutlela ka tsela ena.’


“Ho se be eo ereng ha a utlwa mantswe a kano ena, a re: ‘Ke tla phela ka kgotso, leha nka latela boithatelo ba pelo ya ka, hobane ba kgopo le ba lokileng ba tla timela ka ho tshwana.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos