Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 38:22 - BIBELE

22 Basadi bohle ba setseng ka tlung ya kgosi ya Juda ba tla tliswa ho mahosana a kgosi ya Babilona; basadi bao ba tla re ho wena: “ ‘Metswalle ya hao eo kgelositse ya ba ya o hlola, metswalle ya hao eo e ne le letshepa la hao; maoto a hao a qahilwe tebetebeng, metswalle ya hao e o lahlile.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Bona, basadi kaofela ba sa setseng ka tlung ya morena wa Juda ba tla iswa ho balaodi ba morena wa Babilona, mme ba tla re: O hlile wa phongwa, wa hlolwa ke ba neng ba o tshepisa kgotso; maoto a hao ha a tetebetse seretseng, bona ba boela kasanthao.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:22
22 Referencias Cruzadas  

Bana beso ha ba tshepahale sa melatswana, ba ka melatswana e tlala, e ba e feta,


Ba re: “O kenwe ke lefu le lebe, o rapaletse, a ke ke a hlola a tsoha.”


Ke lebisa thapelo ya ka ho wena Morena, ka nako e o kgahlang, Modimo. Ako nkarabe ka mohau wa hao o moholo, le ka botshepehi ba hao bo pholosang.


Ako mpholose Modimo, hobane metsi a a nkgama.


Empa ba tshepang medimo ya bohata, ba reng ho yona: ‘Le medimo ya rona,’ ba tla kgutliswa ba hlabilwe ke dihlong.”


O tla reng ha bao o no re ke metswalle, ba o hlweswa hodimo, e eba babusi ba hao? Na ha o na ho tshwarwa ke mahlaba, o tshwarwe ke mahlaba sa mosadi a kena tlung?


Ke utlwa ba bangata ba ntse ba hweshetsa, ba re: “Kahohle ke Matshabeho! Mo hlahatseng! A re mo hlahatseng!” Metswalle ya ka yohle e laletse hore ke fose, e re: “Mohlomong a ka nna thetseha, yaba re tseba ho mo hlola ke hona, ra ba ra tseba le ho iphetetsa ka yena.”


Ka baka leo, le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba reng ho lona: ‘Le ke ke la sebeletsa kgosi ya Babilona,’ hobane ba le porofetela leshano.


Baporofeta bao ha ke a ba roma, ho rialo Morena, empa ba porofeta leshano ka lebitso la ka, hore ke tle ke le leleke, mme lona le baporofeta bao le tle le shwe.”


Kgosi Sedekiya a re ho Jeremia: “Ke tshaba Bajuda ba neng be ineele ho Bakalatiya, esere mohlomong Bakalatiya ba neelana ka nna matsohong a Bajuda bao hore ba ntlhokofatse.”


Empa haeba o hana ho ineela ho kgosi ya Babilona, Morena o ntshenoletse tsena:


Yaba Ishemaele o thopa baradi ba kgosi le masalla wohle a setjhaba a neng a le Misepa, ao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a a beile tlasa bodisa ba Gedaleya, mora wa Ahikama. Ishemaele, mora wa Netaniya, a a thopa, a tsamaya le wona, a tshelela mose ho Baamone.


Ba nka le banna le basadi, le bana le baradi ba kgosi, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi ba kgosi, a neng a ba siile le Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, le moporofeta Jeremia, le Baruke, mora wa Neriya.


Bahlabani ba hirilweng ke Egepeta, ba ka manamane a nontshitsweng; le bona ba tla phekgoha, ba balehe kaofela, ha ba ka ke ba tseba ho ema senna, hobane tsatsi la koduwa le ba fihletse, ba fihletswe ke nako ya bona, nako ya ho ahlolwa.


Keng ha ke bona ba se ba phakgasela, ba furaletse, ba se ba etsa sealo? Dinatla tsa bona fatshe di tjapaletse, ke mphete-ke-o-fete, morao ha ba sa hetla, ka nkong tsa bona ho nkga lefu feela!” ho rialo Morena.


Matlo a bona a tla abelwa basele, ho ajwe masimo, le basadi ba bona ka ho tshwana, ha ke otlollela tsoho la ka ho baahi ba naha ena,” ho rialo Morena.


Kahoo basadi ba bona ke tla ba nea banna basele, masimo a bona ke a nee ba ba hlotseng; ho tloha ho e monyenyane ho isa ho e moholo, bohle ba labalabela qhoqha, baporofeta le baprista ka ho tshwana, kaofela ha bona ba phela ka bolotsana.


Morena o rometse mollo o theoha hodimo, wa nkena masapong, wa tjhatjhametsa; maotong a ka o tjhehile leraba, a etsa hore ke be ke kgutle, ke kgutle ka santhao. O nkentse hore ke sale ke le inotshi, o ntjesa bodutu kamehla yohle.


Jerusalema o lla sa mmokotsane bosiu, keledi di keleketla marameng a hae. Hara baratuwa bohle ba hae, ha ho le ya mong ya mo tshedisang. Metswalle ya hae yohle e mo ekile, metswalle e fetohile dira tsa hae.


Ba ile ba beta basadi ba Sione, ba beta le barwetsana ba metse ya Juda.


O se tshepe ya ahisaneng le wena, motswalle le yena o se ke wa mo tshepa; esita le ho yena mosadi wa hao, o ele hloko seo o se buang ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos