Jeremia 38:18 - BIBELE18 Empa haeba o sa ineele ho mahosana a kgosi ya Babilona, ho tla neelanwa ka motse ona matsohong a Bakalatiya, mme ba tla o tjhesa ka mollo. Wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.’ ” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)18 Empa ha o sa tswe ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, motse ona o tla neelwa matleng a Bakalde, ba o tjhese ka mollo; le wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona. Ver Capítulo |
“ ‘Empa haeba mmuso kapa setjhaba se hana ho sebeletsa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, se hana ho diha melala ya sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, setjhaba seo ke tla se bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ke se timetsa ka letsoho la Nebukadenesare,’ ho rialo Morena.