Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 38:13 - BIBELE

13 Yaba ba hula Jeremia ka mehala, ba mo nyolla ka mokoting. Jeremia a boela a dula lebaleng la tjhankana hape.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba ba hula Jeremia ka marapo, ba mo nyolla lemeneng; mme Jeremia a dula lebaleng la ntlo ya teronko.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:13
17 Referencias Cruzadas  

Yare ha bahwebi ba Midiane ba feta, ba hula Josefa, mme ba mo ntsha ka ledumeleng, ba mo rekisa ho Baishemaele ka silefera e kang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo, mme bao ba ya le yena Egepeta.


le re: ‘Kgosi e bua tjena: Hlahlelang monna enwa tjhankaneng, le mo sotle ka ho mo phedisa ka bohobe le ka metsi feela ho fihlela ke kgutla ka kgotso.’ ”


Palale, mora wa Usai, a tsosa lerako moo le tobaneng le huku, le tora e entseng motsu, e tlung ya kgosi, e kahodimo, e neng e le pela lebala la tjhankana. Pedaya, mora wa Paroshe, a latela Palale, a tsosa lerako.


Ba nyoretsweng madi ba hloile ba lokileng, empa ba lokileng ba boulela bophelo ba hae.


Yaba mahosana, mmoho le setjhaba sohle, a re ho baprista le ho baporofeta: “Motho enwa ha a lokele ho ahlolelwa lefu, hobane o buile ho rona ka lebitso la Morena Modimo wa rona!”


Ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a ne a etseditse Jerusalema thibella, mme moporofeta Jeremia o na kwaletswe ka lebaleng la tjhankana e neng e le ka tlung ya kgosi ya Juda.


Yaba kgosi Sedekiya o laela hore ba boloke Jeremia lebaleng la tjhankana, le hore ka tsatsi le leng le le leng a fuwe sengwathwana sa bohobe bo tswang ho ba phehang bohobe, ho fihlela bohobe bo fela motseng moo. Yaba Jeremia o dula moo lebaleng la tjhankana.


Ebede-Meleke wa Mokushe a re ho Jeremia: “Nka diaparo tsena, o di kenye ka mahafing, o tlo se ka sehlwa ke mehala.” Jeremia a etsa jwalo.


Jeremia a dula ka lebaleng la tjhankana ho fihlela ka letsatsi leo Jerusalema e ileng ya hapuwa ka lona. Le yena Jeremia o ne a le teng ha Jerusalema e hapuwa.


Yaba ba nka Jeremia, ba mo akgela ka mokoting a tjhekilweng ke Malakiya, mora wa kgosi, o neng o le lebaleng la tjhankana, ba mo theolela ka mokoting ka mehala. Ho ne ho se metsi ka mokoting, haese seretse feela. Yaba Jeremia o tetebela seretseng.


Ha ke ne ke qoswa o ila nkemela, Morena, yaba bophelo ba ka o a bo pholosa.


“Ke tla o mamela ha baqosi ba hao le bona ba se ba fihlile.” Mmusisi a laela hore Paulosi a bolokwe tlung ya Heroda ya bokgosi.


Kamora dilemo tse pedi Felekise a hlahlangwa ke Porokiose Fesetose, mme ka ho rata ho kgahlisa Bajuda, Felekise a siya Paulosi ditlamong.


Ha re fihla Roma, Paulosi a dumellwa ho dula a le mong le mohlabani ya mo lebelang.


Paulosi a hlola moo lemo tse pedi tse tletseng, a le tlung eo a neng a e hirile, mme a amohela bohle ba tlang ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos