Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 36:8 - BIBELE

8 Yaba Baruke, mora wa Neriya, o phetha tsohle tseo moporofeta Jeremia a mo laetseng tsona, a bala mantswe a Morena bukeng, a le ka Tempeleng ya Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Baruke, mora Neria, a etsa kahohle kamoo moporofeta Jeremia a mo laetseng kateng, a bala mantswe a Jehova lengolong leo ka tlung ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 36:8
9 Referencias Cruzadas  

A o balla banna, le basadi, le batho ba nang le kutlwisiso; a o bala ho tloha hoseng ho fihlela motsheare o moholo, a le lebaleng le pela Monyako wa Metsi. Setjhaba sohle sa mamela ka hloko tse balwang Bukeng ya Molao.


“Ka baka leo, wena itlame letheka, o eme, o bue le tjhaba seo, o se bolelle tsohle tseo ke o laelang tsona. O se ke wa tshaba ha o se bona, esere ka o tshosa o le kapela sona.


Ka nea Baruke, morwa wa Neriya, setloholo sa Maasiya, lengolo la theko moo mora wa rangwane, Hanamele, a leng teng, le moo dipaki tse ingotseng mabitso a tsona lengolong la theko di leng teng, le moo Bajuda bohle ba neng ba dutse ka lebaleng la tjhankana ba ntseng ba bona.


Yaba Jeremia o bitsa Baruke, mora wa Neriya. Baruke a ngola mantswe wohle a tswang molomong wa Jeremia, ao Morena a neng a a buile ho yena, a a ngola bukeng.


ka baka leo, wena tsamaya, o yo bala ditaba tseo o di ngotseng bukeng di etswa molomong wa ka, e leng mantswe a Morena; o di balle ka Tempeleng ya Morena, moo setjhaba se ntseng se utlwa, mohla letsatsi la ho itima dijo. O be o di balle le bohle ba morabe wa Juda ba tswang metseng ya bona.


Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: “Haeba mang kapa mang a rata ho ntatela, a itele, a inkele sefapano, a ntatele.


Haeba Timothea a ka fihla, le etse hore a dule le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos