Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 34:13 - BIBELE

13 “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ne ke etse selekane le bo-ntata lona moholo mohla ke neng ke ba ntsha naheng ya Egepeta, bokgobeng, ka re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Nna ke ne ke entse selekane le bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka, ka re:

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 34:13
24 Referencias Cruzadas  

“Ka nako e tlang, ha mora wa hao a o botsa, a re: ‘Hoo ke eng?’ wena o tle o re ho yena: ‘Ka letsoho la hae le matla, Morena o re ntshitse Egepeta, moo re neng re le makgoba teng.


Moshe a re ho setjhaba: “Hopolang letsatsi lena, leo ka lona le tswileng Egepeta, moo le neng le le makgoba teng, hobane Morena o le ntshitse teng ka letsoho la hae le matla. Le se ke la ja bohobe bo lomositsweng.


“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


Moshe a tla, a bolella setjhaba mantswe wohle a Morena, le ditaelo tsohle tsa hae, mme setjhaba sa arabela se le ntsweleng, sa re: “Re tla phetha dipolelo tsohle tse boletsweng ke Morena.”


e leng mantswe ao ke neng ke a bolelle bo-ntata lona moholo, ha ke ne ke ba ntsha Egepeta, seboping sa mollo se entsweng ka tshepe.’ Ka na ka re: Mmameleng, le phethe tsohle tseo ke le laetseng tsona, mme le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona.


Ho tloha mohla ke neng ke ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, haesale ke ba eletsa, ke re: “Ikokobeletseng nna!”


“Ha se na ho tshwana le selekane seo ke neng ke se etse le baholoholo ba bona ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho, ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Le hoja ba ile ba senya selekane sa ka, ke ile ka ba Morena wa bona,” ho rialo Morena.


Ka baka leo, lentswe le tswang ho Morena la fihla ho Jeremia, la re:


Mohla letsatsi leo ke neng ke ntshe baholoholo ba lona naheng ya Egepeta ka lona, ha ke a ka ka bua le bona, kapa ka ba etsetsa taelo, malebana le dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo.


Le mo tlepetse ka majwe, a shwe, hobane o ne a batla ho o kgelosa ho Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


O hopole hore le wena o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme Morena Modimo wa hao, a o lopolla. Ke ka baka lena ke o laelang tjena kajeno.


Hopolang hore le ne le le makgoba Egepeta. Le hlokomele ho boloka le ho phetha ditaelo tsena.”


O mpe o hopole hore o ne o le lekgoba naheng ya Egepeta, mme Morena Modimo wa hao, a o lopolla teng. Ke ka baka lena ke o laelang ho etsa ntho ena.


Ana ke wona mantswe a selekane seo Morena a neng a laele Moshe hore a se etse le bana ba Iseraele ha ba le naheng ya Moabe; e le se seng hape, ntle ho seo a neng a se etse le bona ha ba le thabeng ya Horebe.


Wena, Moshe, atamela, o mamele tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua; ebe wena o re bolella tsohle tseo Morena Modimo wa rona, a tla di bua ho wena. Rona re tla di mamela, mme re di phethe.’


“ ‘Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


Jwale o itlhokomele, esere wa lebala Morena ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


Ke hobane Morena o a le rata, le hobane o rata ho boloka kano eo a neng a e hlapanyetse bo-ntata lona, a le ntshitseng ka letsoho la hae le matla, a le lopolla bokgobeng ba Faro, kgosi ya Egepeta.


yaba dipelo tsa lona di a ikgohomosa, le lebala Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, moo le neng le le makgoba teng.


hobane Morena Modimo wa rona, ke yena ya re nyolotseng le bo-ntata rona Egepeta, moo re neng re le makgoba teng. Ke yena ya entseng dipontsho tse kgolo, a re baballa tseleng yohle eo re e tsamaileng, le hara ditjhaba tsohle tseo re fetileng hara tsona.


Morena a romela moporofeta ho bana ba Iseraele. Moporofeta eo a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke le nyolotse Egepeta; ke le ntshitse moo le neng le le makgoba teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos