Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 28:13 - BIBELE

13 “Tsamaya o yo bolella Hananiya, o re: ‘Morena o bua tjena: O robile joko ya lehong, empa bakeng sa yona ba tla fumana joko ya tshepe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Eya, o bolelle Hanania, o re: O robakantse joko ya sefate, empa o tla etsa joko ya tshepe bakeng sa yona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 28:13
10 Referencias Cruzadas  

Ntate o ile a le imetsa ka mosebetsi; nna ke tla le imetsa le ho feta. Ntate o ne a le shapa ka diphafa; nna ke tla le shapa ka katse.’ ”


O ile a pshatla mamati a koporo, a robaka mekwallo ya tshepe.


ba tlame kgosi tsa yona ka mahlaahlela, le bahlomphehi ba yona ka diketane;


Ke tla o etella pele, ke batalatse dithaba, menyako ya lethose ke e thuake, mekwallo ya tshepe ke e robake.


Baporofeta bao ha ke a ba roma, ho rialo Morena, empa ba porofeta leshano ka lebitso la ka, hore ke tle ke le leleke, mme lona le baporofeta bao le tle le shwe.”


Morena o bua tjena ho nna: “Iketsetse marapo le dijoko, o di tlamelle molaleng wa hao.


“Dibe tsa ka tsohle Morena o a di tseba, ka tsoho la hae a di loha, tsa etsa thapo, molaleng wa ka a di tlama jwaloka joko, boima ba tsona ba mphokodisa haholo. Morena o neelane ka nna ho dira tsa ka, a nnea bao nke keng ka ba lwantsha.


Dipono tse bonweng ke baporofeta ba hao e ne e le tsa leshano, tse se nang thuso; ha ba a ka ba o senolela sebe sa hao, hore ba o fapose bothopuwa ba hao. Ba ile ba o bolella dipono tsa bohata, dipono tse ileng tsa o thetsa, tsa o kgelosa.


Mohla ke robang joko ya Egepeta, motse wa Tahepanehese o tla aparelwa ke lefifi, matla a wona a boikgohomoso, wona a fele. Leru le letsho le tla kwahela Egepeta, baahi ba yona ba iswe bothopuweng.


Ka baka leo, o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Morena Modimo wa hao, a tla o romella tsona, o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka dintho tsohle. Di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, ho fihlela di o timetsa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos