Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 27:20 - BIBELE

20 eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a sa kang a e nka ha a ne a thopa Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, a mo thopa Jerusalema, a mo isa Babilona, le mahosana wohle a Juda le Jerusalema;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a sa kang a ya le wona mohla a tshwarang Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, Jerusalema, a ba a mo isa kgolehong Babilona, hammoho le baholo kaofela ba Juda le ba Jerusalema;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 27:20
14 Referencias Cruzadas  

Jehoyakine, kgosi ya Juda, a tswa motseng, a ya ineela ho kgosi ya Babilona, a ena le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le bahlanka ba hae ba mahaole. Kgosi ya Babilona ya mo thopa ka selemo sa borobedi sa puso ya yona.


Ha selemo se thwasa, kgosi Nebukadenesare a mo romela maqosa, a mo isa Babilona le thepa ya bohlokwa ya Tempele ya Morena, mme a bea Sedekia, ngwanabo, hore e be kgosi ya Juda le Jerusalema.


Thepa yohle ya Tempele ya Morena, e kgolo le e nyenyane, le matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a kgosi, le a mahosana a yona, tsena tsohle a di isa Babilona.


Ha ho kgosi e tla busa naha eo, mahosana wohle a yona a tla fetoha lefeela.


Na Koniya hase nkgwana e nyatsehang, e matlere? Na hase sejana seo ho seng ya se thabelang? Ke hobaneng ha yena le bana ba hae ba lelekilwe, ba leleketswe naheng eo ba sa e tsebeng?


Ha Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a se a thopile Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, le mahosana a Juda, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala, a ba tlositse Jerusalema, a ba isa Babilona, Morena a mpontsha diroto tse pedi tsa feiye, tse beilweng kapele ho Tempele ya Morena.


e, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le thepa e setseng ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi ya Juda le Jerusalema:


Le ile la ngolwa hoba batho bana ba tlohe Jerusalema, e leng kgosi Koniya, le mofumahadi, le matona, le mahosana a Juda le a Jerusalema, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho le malala.


Mehleng ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re:


Morena a neelana ka Jehoyakime, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare; a ba a neelana le ka thepa e nngwe ya Tempele ya Modimo. Thepa eo Nebukadenesare o ile a e isa naheng ya Babilona, a e bea ka tempeleng ya modimo wa hae, ka tlung ya polokelo ya matlotlo a modimo wa hae.


Josiya a tswala Jekoneya le bana babo ka nako ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona.


Jwale, kamora ho fallisetswa ha bona Babilona, Jekoneya a tswala Salatiele, Salatiele a tswala Sorobabele,


Ha ho le jwalo, meloko yohle, ho tloha ho Aborahama ho isa ho Davida e bile leshome le metso e mene; ho tloha ho Davida ho isa nakong ya ho fallisetswa ha Bajuda Babilona, meloko e leshome le metso e mene; mme ho tloha nakong ya ho fallisetswa ha bona Babilona ho isa ho Kreste, meloko e leshome le metso e mene.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios