Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 25:8 - BIBELE

8 “Ka baka leo, Morena wa mabotho o re: ‘Kahobane ha le a ka la mamela lentswe la ka,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Erekaha le sa ka la utlwa lentswe la ka,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 25:8
8 Referencias Cruzadas  

Le hoja Morena a ile a ba a romela baporofeta ho kgutlisetsa setjhaba ho yena, ha se a ka sa mamela.


Ya neelaneng ka Jakobo hore e be lelobelo ke mang? Ya neelaneng ka Iseraele ho basenyi ba hae ke mang? Na hase Morena eo re mo sitetsweng? Ha ba a ka ba rata ho tsamaya ka tsela tsa hae, ha ba a ka ba rata ho mamela Molao wa hae.


“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mamelang! Motse ona le metsana yohle e o potapotileng ke tla e dihela koduwa tseo ke di boletseng, hobane setjhaba sena se ile sa satalatsa melala ya sona, sa hana ho mamela dipolelo tsa ka.’ ”


Ka na ka bua le wena ha o no sa atlehile, yaba wena o re: ‘Nke ke be ka o mamela!’ Bona ke boitshwaro ba hao ho tloha botjheng ba hao, hore lentswe la ka o se ke wa le mamela.


“ ‘Empa ha le a ka la mamela,’ ho rialo Morena; ‘le mphepheditse, la nkgalefisa ka mesebetsi ya matsoho a lona, mme la ipitsetsa kotlo.’


ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.


Ke hobane ha ba a ka ba mamela mantswe a ka, ao ke nnileng ka ba romela wona ka makgetlokgetlo, ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta. Empa le lona ha le a ka la mamela,’ ho rialo Morena.


‘Le se ke la etsisa baholoholo ba lona, bao baporofeta ba mehleng ya pele ba neng ba ba bolelle, ba re: Morena wa mabotho o bua tjena: Tlohelang metsamao ya lona e kgopo le diketso tsa lona tse kgopo hle, empa ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho nkutlwa,’ ho rialo Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos