Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 25:5 - BIBELE

5 Baporofeta ba ile ba re: ‘Jwale motho ka mong a kgelohe ditsela tsa hae tse kgopo, a furalle diketso tsa hae tse kgopo, a phele naheng eo Morena a e neileng lona le bo-ntata lona kamehla yohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba ne ba re ho lona: Sokolohang hle e mong le e mong mekgweng e mebe ya hae, le bolotsaneng ba diketso tsa lona, le tle le ikahele lefatsheng leo Jehova a le neileng lona le bontata lona kamehla le ka ho sa feleng;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 25:5
20 Referencias Cruzadas  

Naha eo o jakileng ho yona, naha yohle ya Kanana, ke tla o nea yona le ditloholo tsa hao, e be leruo la mehla yohle, mme ke tla ba Modimo wa tsona.”


o bone hore na ke tseleng e mpe, o ntsamaise tseleng ya kamehla yohle.


Furalla bobe, o etse botle, o tle o be le leaho kamehla.


Itlhatsweng, le itlhwekise, tlosang ketso tsa lona tse kgopo mahlong a ka, le kgaotse ho etsa bokgopo.


dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena ka dikgoro tsa motse ona. Dikgosi tseo, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena di palame dikariki tsa ntwa, di palame le dipere, di ena le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, mme motse ona o tla ba le baahi kamehla yohle.


“Ka baka leo, tsamaya, o yo bua le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: ‘Morena o bua tjena: Bonang mona! Ke ntse ke le ralla bobe, ke lokisa morero wa ho le otla. Motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, a tsamaye tseleng e lokileng, diketso tsa hae di be ntle.’


Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.


Morena o re: “Ha o rata ho kgutla, wena Iseraele, kgutlela ho nna. Ha o ka tlosa manyala a hao mahlong a ka, wa se ke wa hlola o kgeloha hape;


ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle.


“Ka baka leo, lona ba ntlo ya Iseraele, ke tla ahlola motho ka mong ho ya ka ditsela tsa hae, ho rialo Morena Modimo. Bakang, le furalle ditshito tsa lona tsohle; kahoo bokgopo bo ke ke ba le timetsa.


Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’


Empa ke tla hauhela ba ntlo ya Juda, nna Morena Modimo wa bona, ke ba pholose. Ha nka ke ka ba pholosa ka seqha kapa sabole, kapa ka ntwa kapa dipere kapa bapalami.”


Empa ke qadile pele ka ba leng Damaseka le Jerusalema, le ba naheng yohle ya Judea, hamorao ka ya ho baditjhaba, ka ba phatlalletsa hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e lokelang pako.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos