Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 23:30 - BIBELE

30 “Ka baka leo, ke hanyetsana le baporofeta ba utswang mantswe a ka ka ho a nka melomong ya ba bang,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ke na le tseko le baporofeta ba utswang mantswe a ka, e mong ho e mong.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:30
14 Referencias Cruzadas  

Morena o beile leihlo la hae ho ba lokileng, o sekehetse sello sa bona tsebe.


Morena o re: Lona baahi ba kgohlo ke a le futuhela, lona ba phelang hodima sehlaba se mafika, lona ba reng: “Re ka futuhelwa ke mang? Diahelong tsa rona ho ka kena mang?”


“Ke hanyetsana le baporofeta ba buang ka maleme a bona, ba re: ‘Morena o re,’ ” ho rialo Morena.


“Ka baka lena, Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsebang hore ke rerile ho le tlisetsa koduwa le ho timetsa Juda yohle.


“Morena o re: ‘Seo e tla ba pontsho ho lona ke hore ke tla le otlela hona sebakeng sena, le tle le tsebe hore mantswe a ka a ho le dihela koduwa a a phethahala.’


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Bonang mona, ke hanyetsana le dithotho tsena tsa lona tsa boloi, tseo ka tsona le tshwasang batho jwalokaha eka ke dinonyana. Ke tla di kgaola matsohong a lona, ke lokolle batho bana bao le ba tshwasang ka tsona jwalokaha eka ke dinonyana.


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane le buile taba tsa mafeela, la bona dipono tsa mashano, ke a le lwantsha, ho rialo Morena Modimo.


Ke tla ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantshe; ba tla phonyoha mollong wa pele, wa bobedi wona o ba tjhese, o ba timetse; kahoo le tla tseba hoba ke nna Morena, ha ke ba tiisetsa sefahleho, ke ba lwantsha.


Le nna ke tla halefela motho eo, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo, hobane a neile Moloke bana ba hae, hore a silafatse Sehalalelo sa ka, le ho nyedisa lebitso la ka le halalelang.


Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


Empa moporofeta ya tla re o bua ka lebitso la ka, feela a bua seo ke sa mo laelang hore a se bue; kapa ya tla bua ka lebitso la medimo e meng, moporofeta eo o tla shwa.’


Morena a ke ke a mo tshwarela, empa kgalefo ya Morena le lefufa la hae di tla tlokomela monna eo. Dithohako tsohle tse ngotsweng kahara buka ena, di tla mo wela hodima. Morena o tla fedisa lebitso la hae lefatsheng.


hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, le ditsebe tsa hae di mamela thapelo tsa bona; sefahleho sa hae se sosobane se sosobanetse ba etsang bobe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos