Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 23:19 - BIBELE

19 Tsokotsane sa Morena se tsohile, se tsohile ka sekgahla le ka kgalefo, ka sekgahla, ba kgopo se a ba tsukutla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Bonang, sefefo sa Jehova ke seo, kgalefo e tjhesang e tswetse ntle, sefefo se tsokotsehang se tla tsokotseha dihloohong tsa ba babe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:19
19 Referencias Cruzadas  

Ba ke ba qhididihe sa kgofu ha e ntse e tsamaya, ba be jwaloka sefolotsana, sona se sa boneng letsatsi.


Ha tlokotsi e le wela hodimo, e le wela hodimo sa sefefo, koduwa e le fefola, e le fefola sa setsokotsane, mahlomola le mapalesapelo a le sithabeditse,


Sefefo se sheshena ya kgopo se ye le yena, motheo wa ya lokileng o hlola kamehla yohle.


Bona ke boporofeta malebana le lehwatata le pela Lewatle: Jwaloka ditsokotsane tse ferellang naheng ya Borwa, ya futuhang o tla hlaha a etswa lehwatateng, a hlahe a etswa naheng, naheng ya matshabeho.


Ba jwaloka sethopo se qetang ho hlongwa, seo metso ya sona e eso ka e tiya; ha moya wa Modimo o foka se ye se pone, setsokotsane se se fefole jwalokaha eka ke mmoko.


Rata le tla fihla pheletsong tsa lefatshe, hoba tjhaba tsohle Morena o tla di qosa, batho bohle le bona a ba ahlole, ba kgopo a ba bolaye ka sabole,’ ” ho rialo Morena.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Koduwa e tla aparela ditjhaba! Lehodiotswana le tla tsoha, le tla tsoha pheletsong tsa lefatshe!”


Setsokotsane sa Morena se ferella se halefile, ke tsokotsane se puputlang se sa kgaotse; se tla theohela hodima hlooho tsa ba kgopo.


Kgalefo e tlokomang ya Morena ha e na ho kgaotsa ho fihlela Morena a phethile morero wa hae; mehleng e tlang le tla ultwisisa tsena hantle.


Ka nako eo ho tla bolellwa batho bana, le Jerusalema, ho thwe: “Moya o omeletseng o tla hlaha, o hlahe tutudung tsa lehlabathe, o fokele tjhabeng sa ka, o etswa lehwatateng; ha e yo ba wa ho olosa, ha e yo ba wa ho fefera,


Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla tsosa moya o timetsang, moya wa kgalefo, ke o tsosetse Babilona le baahi ba yona.


Ha ke tadima ka bona sefefo se hlaha leboya, e le leru le leholo le tsekemang lehadima, le potapotilweng ke kganya. Bohare ba lona bo ne bo tshwana le lethose le hlenneng ke mollo.


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ha ke se ke halefile ke tla le heletsa ka moya wa sefefo, mme ha ke se ke halefile ke tla nesa pula ya ditlwebelele e nang ka sefako se dinaka hore e ripitle lerako leo.


Marako a Raba ke tla a tjhesa, matlo a dikwele tsa yona ke a timetse, hara mokorotlo, mohla tsatsi la ntwa, hara lehoduotswana, mohla tsatsi la sefefo.


‘Ka sefefo ke ile ka ba qhalanyetsa dinaheng disele, moo ba sa tsejweng. Ba siya naha ya bona e le nanaola, e se na baahi. Naha ya bona e ntle ya fetoha nanaola jwalo.’ ”


Ke moo Morena a tla hlaha, a ba okamele, motsu wa hae o tsekeme sa lehadima. Morena Modimo o tla letsa lenaka, a tsamaye kahara difefo tsa borwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos