Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 23:15 - BIBELE

15 Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena malebana le baporofeta: “Bonang, ke tla ba nwesa lengana, ke ba nwese metsi a babang sa leshokgwa, hobane ho silafala ho tletseng kahara naha ke ho tswang ho baporofeta, baporofeta ba Jerusalema.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla bakeng sa baporofeta bao: Bonang, ke ya ba jesa lengana, ke ba nose metsi a mahloko, hobane ka baporofeta ba Jerusalema bonyefodi bo hlile bo tswetse pele lefatsheng lohle.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:15
12 Referencias Cruzadas  

Sekgobo se hlabile pelo ya ka, ke fedile; ke ne ke lebeletse kutlwelobohloko, empa ha ke a ka ka e fumana; ka batla batshedisi, ka se ke ka ba fumana.


Ka baka lena, Morena o bua tjena ka baporofeta bana ba porofetang ka lebitso la hae: “Ha ke eso ka ke ba roma, empa bona ba re: ‘Ha ho na ho ba le sabole kapa sekoboto naheng ena.’ Baporofeta bao ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto.


“Re sa duletseng? A re kgobokaneng bohle! A re tshabeleng metseng e haheleditsweng, lefu ha le fihla le re fumane moo! Morena Modimo o re abetse timelo, o tla re nwesa metsi a tletseng mahloko, hobane rona re sitetswe Morena.


Ba latetse ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, ba rapela bo-Baale bao ba ba rutilweng ke bo-ntata bona.”


Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Bonang, batho bana ke tla ba nwesa lengana, ke ba nwese metsi a tletseng mahloko.


O ntlopile tse babang sa leshokgwa, a ba a ntlopa le lona lengana.


Ke hopola matshwenyeho a ka le ditsietsi tsa ka, ho nna ke lengana le leshokgwa le babang!


O nketseditse sakana-la-nkope, a nkopela ka mahlomola le ka ditsietsi.


“Ka lona tsatsi leo, le tla fedisa mabitso a medimo ya bohata kahara naha, e le hore a tle a se ke a hlola a hopolwa,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ke tla tlosa le baporofeta le moya o sa hlwekang naheng ena.


ba mo nea veine e tswakilweng le nyooko hore a e nwe, empa hoba a e latswe, a hana ho e nwa.


Hara lona ho se be monna kapa mosadi, kapa ba lelapa, kapa ba morabe, bao kajeno dipelo tsa bona di ka furallang Morena Modimo wa rona, mme ba ya ho sebeletsa medimo ya ditjhaba tseo, esere mohlomong hara lona ha eba le mothapo o behang leshokgwa le lengana.


Lebitso la naledi eo ke Lengana. Karolo ya boraro ya metsi ya baba jwaloka Lengana, mme batho ba bangata ba eshwa ka baka la ho nwa metsi ana a mabe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos