Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 15:17 - BIBELE

17 Ha ke eso ka ke dula mokgatlong wa basomi, ha ke eso ka ke ithabisa le bona; ke ituletse ke le inotshi ka baka la matla a hao, hobane o entse hore ke halefe haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ha ke a ka ka itulela mokgatlong wa basomi ho ya ithabela teng; ka mpa ka dula ke nnotshi ka baka la letsoho la hao le ntshwereng, hobane o ntlatsitse ka hlonamo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 15:17
13 Referencias Cruzadas  

Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng dikeletso tsa ba kgopo, ya sa tsamayeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi;


Ke tshwana le letata la lehwatata, ke tshwana le sephooko sa dithako.


Kajeno lena ke o nea matla hodima ditjhaba le hodima mebuso, hore o motsule o be o heletse, o timetse o be o phethole, o hahe o be o hlome.”


Empa haeba le ke ke la mamela, ke tla llela boikgohomoso ba lona sephiring, mahlo a ka a keleketle dikeledi, hobane mohlape wa Morena o tla bo thopilwe.


“O se ke wa kena ka tlung e nang le mokete, wa dula ka ho yona, yaba o a ja, o a nwa.


Le nna ke bipeditswe ke kgalefo ya Morena, ke se ke kgathetse ke ho e thibela. “E hlatsetse hodima bana, bana bana ba diterateng, hodima bahlankana, bahlankana bana ba kgobokaneng; monna le mosadi ba tla thoptjwa bobedi, ho thopuwe raputswe le ya seng a kgokgoba.


A dule a le mong, a dule a kgutsitse, hobane o e jarisitswe ke Morena.


“Dipolelo tsena di fella mona. Ha e le nna Daniele, ke ile ka tshwenngwa haholo ke menahano ya ka, ka pudufallwa, empa tsena ya eba sephiri sa ka.”


Lengeloi la Morena la bua, la re: “Oho, Morena wa mabotho, ebe Jerusalema le metse ya Juda, eo o e halefetseng ka dilemo tsee tse mashome a supileng, o tla e hauhela neng?”


Ka baka leo, tswang hara bona, le ikarohanye le bona, le se ke la ama letho le silafetseng, mme ke tla le amohela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos