Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 7:23 - BIBELE

23 Mohla tsatsi leo, hohle moo ho neng ho ena le difate tsa morara tse sekete, tseo theko ya tsona e leng silefera e ka etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e mmedi le halofo, ho tla mela hlabahlabane le meutlwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mehleng eo, masimo wohle a merara e sekete, e lekaneng dishekele tse sekete, a tla medisa dibajwa le meutlwa.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 7:23
13 Referencias Cruzadas  

Mobu oo o tla o medisetsa meutlwa, o o medisetse le tshehlo, o je meroho ya naha.


Etlare hoba selemo se fetafete, lona basadi ba iketlileng le tla thothomela; morara o kotulwang o tla ba siyo, le ditholwana di ke ke tsa eba teng.


Diakere tse leshome tsa tshimo ya morara di tla beha dilethara tse robedi feela tsa veine; peo e etsang dilethara tse lekgolo le mashome a robedi e behe dilethara tse leshome le metso e robedi, tse kaalo feela tsa koro.”


Ke tla e tlohela e senyehe, morara o ke ke wa faolwa kapa wa lemelwa, hlabahlabane le meutlwa di tla mela ho yona, ke thibele maru a se ka e nesetsa pula.”


Batho ba tla tsamaya ba nkile diqha le metsu, hobane naha e tla be e kwahetswe ke hlabahlabane le meutlwa.


Ka boela ka tadima, ka bona masimo e le mehola, metse yohle ya moo e fetohile masupi, e heleditswe ke Morena ka kgalefo e tlokomang.


Metse e tla hloka baahi, naha e fetohe nanaola, mme le tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Ke tla senya fate tsa morara, ke senye le tsa feiye, tseo a reng ke moputso wa hae, moputso o tswang ho medingwana ya hae, medingwana eo a e ratang haholo. Fate tseo ke tla di etsa mofero, batana tsa naha di itjelle tsona.


Ha ba phasaphasa, ba baleha timelo, Egepeta e tla ba kgobokanya, e ba kgobokanye mmoho, Memefise yona ebe e a ba epela. Matlotlo a silefera a tla melella bobatsi, meutlwa e ririellane ka ditenteng tsa bona.


“Mamelang setshwantsho se seng hape: Ho ne ho ena le monga tshimo ya ileng a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.


Empa e medisang meutlwa le tshehlo ha e na thuso, e se e atametse thohako, mme e tla qetella e tjhesitswe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos