Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 61:9 - BIBELE

9 Moloko wa bona o tla tsejwa ke baditjhaba, ditloholo tsa bona di tsejwe hara matjhaba; bohle ba di bonang ba tla di tseba, ba di tsebe e le moloko, moloko o hlohonolofaditsweng, wa hlohonolofatswa ke Morena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Leloko la bona le tla tsejwa hara ditjhaba, le ditloholo tsa bona hara merabe; bohle ba tlang ho ba bona ba tla ba tseba hoba ke leloko le hlohonolofaditsweng ke Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 61:9
15 Referencias Cruzadas  

Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao, hobane o mametse lentswe la ka.’ ”


Empa Labane a re ho yena: “Ako nkgauhele, hobane ke lemohile hore Morena o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.”


Morena a ke a le ngatafatse, lona le bana ba lona.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; ditloholo tsa hao ke tla di lata botjhabela, ke o bokelle o etswa bophirimela.


“Ke tla nesetsa pula naheng e omeletseng, ke phallise melatswana mobung o omeletseng; ke tla theolela Moya wa ka hodima ditloholo tsa hao, ke theolele mahlohonolo a ka hodima tsona.


Ho ratile Morena hore a tetetswe, a hlokofatswe, bophelo ba hae e be nyehelo e tlosang sebe; kahoo o tla bona ditloholo tsa hae, matsatsi a bophelo ba hae a lelefale, thato ya Morena e atlehiswe ke letsoho la hae.


Ha ba ka ke ba sebeletsa lelea, kapa ba tswalla bana ba bona, ba ba tswalla ditsietsi, ke peo ya ba hlohonolofaditsweng, ba hlohonolofaditsweng ke Morena, bona mmoho le ditloholo tsa bona.


“Jwalokaha mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, e leng dintho tseo ke tla di bopa, di tla ba kapele ho nna kamehla,” ho rialo Morena, “ditloholo tsa ona di tla hlola jwalo, le lona lebitso la lona le hlole jwalo.”


Morena o bua tjena: “Binelang Jokobo ka thabo, le mminele, binelang tjhaba se seholo hara ditjhaba. Utlwahatsang dithoko tsa lona, le re: ‘Oho, Morena, namolela setjhaba sa hao, masalla a tjhaba sa hao, tjhaba sa Iseraele.’


Lona ba ntlo ya Juda le ba ntlo ya Iseraele, le bile sesupo sa thohako ho ditjhaba tsohle; jwale ke tla le pholosa, le tle le be sesupo sa tlhohonolofatso. Betang dipelo! Se tshabeng letho!”


“Ditjhaba tsohle di tla re le lehlohonolo hobane naha ya lona e tla kgahleha haholo,” ho rialo Morena wa mabotho.


Modimo a re ho Bileame: “O se ke wa ya le banna bao. O se ke wa rohaka setjhaba seo, hobane se hlohonofaditswe.”


Modimo o hlahisitse mohlanka wa hae, a mo roma ho lona pele, ho hlohonolofatsa e mong le e mong wa lona, ha a sokoloha bobeng ba hae.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos