Isaia 57:7 - BIBELE7 Mealo ya lona e hodima thaba tse phahameng, thabeng tse hodimo, ke moo le nyolohelang teng ho ya etsa mahlabelo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 O adile diphate tsa hao hodima thaba e phahamileng, e bonahalang, le teng o nyolohetse ho ya etsa mahlabelo. Ver Capítulo |
Ke hona le tla tseba hore ke nna Morena, ha ditopo tsa babolauwa ba bona di rapaletse hara medingwana ya bona ya bohata, ho potapota dialetare tsa bona tse hodima maralla wohle a phahameng, le hodima ditlhoro tsa dithaba tsohle, le katlasa difate tsohle tse talana, le katlasa difate tsohle tse teng tsa eike, e leng dibaka tseo ho tsona ba neng ba tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate, ba o tjhesetsa medingwana ya bona ya bohata.