Isaia 57:5 - BIBELE5 Le sebeletsa medimo ya bohata ka ho etsa bohlola, le bo etsa le le tlasa difate tse talana, ka dikgohlong le ka mahaheng le etsa mahlabelo a setjheso ka bana ba lona. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 lona ba tjhesehelang ditshwantsho katlasa sefate se seng le se seng se mahlaku, ba etsang mahlabelo ka bana dikgohlong le mafarung a mafika? Ver Capítulo |
Hoba ke ba fihlise naheng eo ke ikanneng hore ke tla ba nea yona, ba ile ba etsetsa mahlabelo a bona dibakeng tsohle tsa borapedi, le tlasa difate tsohle tse talana. Ba ile ba mphephetsa ka dinyehelo tsa bona hore ke ba halefele. Ba tjhesa mokubetso wa bona o monko o monate, ba etsa dinyehelo tsa bona tsa dino.
Ha le etsa dinyehelo ka dimpho tsa lona, le etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba lona, le ntse le tswela pele ho itshilafatsa ka medingwana ya lona ya bohata ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, na lona ba ntlo ya Iseraele ke tla le dumella ho mpotsa? Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.
Ke hona le tla tseba hore ke nna Morena, ha ditopo tsa babolauwa ba bona di rapaletse hara medingwana ya bona ya bohata, ho potapota dialetare tsa bona tse hodima maralla wohle a phahameng, le hodima ditlhoro tsa dithaba tsohle, le katlasa difate tsohle tse talana, le katlasa difate tsohle tse teng tsa eike, e leng dibaka tseo ho tsona ba neng ba tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate, ba o tjhesetsa medingwana ya bona ya bohata.