Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 53:8 - BIBELE

8 A kgannwa ka dikgoka, a ahlolwa ntle ho toka, ba leloko la hae ba se ke ba mo natsa. A tloswa hara ba phelang ba fatshe lena, a bolawa ka baka la makgopo a tjhaba sa ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 A tloswa mahlomoleng le kahlolong; mme ho kile ha lemoha mang hara ba leloko la hae, hore o kgaotswe lefatsheng la ba utlwang, le hore o otlilwe ka baka la sebe sa setjhaba sa ka?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 53:8
15 Referencias Cruzadas  

Ha ke apara tse mahwashe, eba ke fetoha pale ho bona.


Ke se ke balellwa hara ba theohelang lebitleng, ke feletswe ke matla ho hang.


Kahoo o tla ba le seabo hara ba baholo, kgapo yona a e arolelane le dinatla, hobane bophelo ba hae o ila bo tella lefu, a ba a balellwa le baetsadibe. O ila itjarisa dibe dibe tsa ba bangata, mme baetsadibe a ba rapella.


O ila hlajwa ka baka la ditshito tsa rona, a tetetswa ka baka la dibe tsa rona, kotlo e re tlisetsang kgotso ya mo wela hodimo, ra fodiswa ke maqeba a hae.


Empa ke ne ke tshwana le konyana e iswang moo e tla hlabelwa teng. Ke ne ke sa tsebe hore ba ntherile, ba re: “A re timetseng sefate le tholwana tsa sona; a re mo tloseng lefatsheng, fatsheng la ba phelang, hore bitso la hae le se hlole le sa hopolwa.”


Metsi a phophoma hodima hlooho ya ka, ka ba ka re: “Jwale ke kgatheng la ho timela!”


Hoba ho fete dilemo, lemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi hasupa, motlotsuwa wa Modimo o tla bolawa a se molato. Mabotho a kgosana e nngwe e tlang ho tla, a tla timetsa motse le Sehalalelo sa wona. Pheletso ya tsena e tla tla sa morallo, ntwa e hlabane ho fihlela e ba e lala, nanaola e rerilweng ke Modimo yona e sale.


Leloko la Jesu Kreste, mora Davida, mora Aborahama.


Bajuda ba mo araba, ba re: “Re na le molao, mme ho ya ka molao eka kgona a shwe, kahobane o ikentse Mora wa Modimo.”


A kokobetswa, a hlokelwa toka. Ke mang ya tla bolela leloko la hae, ha e le moo bophelo ba hae bo fedisitswe lefatsheng?”


athe ho ya ka Moya wa kgalalelo ho ile ha bolelwa, ka tsoho ya hae bafung, hore ke Mora ya matla wa Modimo, Jesu Kreste, Morena wa rona.


Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos