Isaia 47:8 - BIBELE8 “Jwale mamela, wena ya ratang boithabiso, wena ya iphelelang a sa natse letho, wena ya ntseng a ithetsa, ka ho re: ‘Ho re nna feela, ha ho pohopedi ntle ho nna! Nke ke be ka ba mohlolohadi le kgale, le ho shwelwa ke bana nke ke ka ho tseba!’ Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)8 Jwale, mamela taba ena, wena ya phelang menateng, ya dutseng o sa tshohe letho, wena ya reng pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong, haese nna; nke ke ka ba mohlolohadi; nke ke ka tseba seo ho hloka bana ho leng sona! Ver Capítulo |
O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.
Banna bao ba bahlano ba tsamaya, ba fihla Laishe, ba fumana batho ba phelang moo ba phela ka boiketlo, jwaloka Basidone, ba kgotsofetse, ba iketlile, hobane naheng eo ho ne ho se le ya mong ya nang le matla hodima bona, ya ka ba tshwenyang ka letho. Ba ne ba le hole le Basidone, mme ba sa amane le motho ofe kapa ofe ka letho.