Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 47:7 - BIBELE

7 “Yaba wena o re: ‘Ke tla nne ke be mofumahadi, ke be yena kamehla yohle!’ Empa tsena ha wa ka wa di nahana, kapa wa hopola pheletso ya tsona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 O ne o re: E se e le nna mofumahadi ka ho sa yeng kae! Mme wa ya o se na kelello tabeng tsena, o sa hopole bofello ba tsona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 47:7
18 Referencias Cruzadas  

Faro a kgutla, a boela tlung ya hae, mme a se ke a natsa taba ena.


Kahoo o hlatsitse kgalefo ya hae, a e hlatsetsa hodima bona, a hlatsa le bohale ba ntwa, a bo hlatsetsa hodima bona. Kgalefo ya ba aparela ka malakabe, empa ba se ke ba utlwisisa letho, ya ba tlabola, empa ba se ke ba e natsa.


“Dula o kgutsitse, o kene hara lefifi, wena moradi wa Bakalatiya, ha o sa tla bitswa mofumahadi wa mebuso.


Batho ba lokileng ba a timela, ha ho le ya mong ya keng a nahane hona; ba nang le tumelo le bona ba a fediswa, ha ho ya utlwisisang hona: Ba lokileng ba balehisetswa bobe bo tlang.


“Eo le mo tshohang ke mang, eo le mo tshabang hakaale, ke mang, hoo le ileng la ntlhokela botshepehi, la ba la sitwa le ho nkgopola, kapa hona ho nnahana ka pelong tsa lona? Na hase hobane e le kgale ke kgutsitse, ha e le moo le se le sa ntshabe?


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


Tshila tsa Jerusalema di kgomaretse, di kgomaretse aparong tsa yona, ha e a ka inahanela pheletso ya yona. Ho wa ha yona e bile ho makatsang, ha ho a ba le ya mong ya e tshedisang. “Oho, Morena, ako bone matshwenyeho a ka, sera ke sena kajeno se a ithorisa!”


“Wena ngwana motho, bolella kgosana ya Tire, o re: ‘Morena Modimo o re: “ ‘Pelo ya hao e a ikgohomosa, o bile o re: Nna ke modimo, ke dutse teroneng ya Modimo, e potapotilweng ke mawatle. Empa o motho, ha o modimo, le hoja o re o bohlale sa Modimo.


O mmolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Wena Faro, kgosi ya Egepeta, moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha!


“Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena ho naha ya Iseraele: Pheletso e fihlile! Pheletso e fihletse diqola tse nne tsa naha.


Hoba dikgwedi tse leshome le metso e mmedi di fete, ha Nebukadenesare a ntse a tsamaya hodima ntlo ya bokgosi ya Babilona,


“Nna Nebukadenesare, ke ne ke le ha ka, ke phomotse, ke le ka tlung ya ka ya bokgosi, ke iketlile.


Ha se ne se le bohlale, se utlwisisa, se ne se tla lemoha pheletso ya sona.


Le e nee tlhokofatso le mahlomola a lekanang le boithoriso ba yona le boithabiso ba yona hobane ka pelong ya yona, e re: ‘Ke dutse teroneng ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme ha nka ke ka tseba mahlomola.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos