Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 45:11 - BIBELE

11 “Morena, Ya Halalelang wa Iseraele, Mmopi wa hao o bua tjena: Na o ka mpotsa tse tla etsahala ho bana ba ka? Kapa wa ntaela mabapa le mosebetsi wa matsoho a ka?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ho itswe ke Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, Mmopi wa hae: Na ke tla botswa tse tlang ho tla? Na ke tla laelwa bakeng sa bana ba ka, le bakeng sa mosebetsi wa matsoho a ka na?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 45:11
34 Referencias Cruzadas  

Yaba monna eo o re: “Ntlohele ke tsamaye, hobane mafube a hlahile!” Empa Jakobo a re: “Ha nka ke ka o tlohela wa tsamaya, haese haeba o ka ntlhohonolofatsa!”


Morena wa mabotho o tla di hlonolofatsa, a re: “Setjhaba sa ka sa Egepeta se ke se hlohonolofale, le Asiria e leng mosebetsi wa matsoho a ka, le Iseraele eo e leng lefa la ka.”


Bana ba hae ba tla halaletsa lebitso la ka, ha ba bona mosebetsi wa matsoho a ka, ba halaletse lebitso la ka, ba halaletse Ya Halalelang wa Jakobo, ba tshabe Modimo wa Iseraele.


Empa jwale, ke sena seo Morena a se bolelang, yena ya o bopileng, wena Jakobo, yena ya o entseng, wena Iseraele: “O se ke wa tshaba, hobane ke o lopolotse; ke o bitsitse ka lebitso, ke o bitsitse, o wa ka.


Ke nna Morena, Ya Halalelang wa lona, Mmopi wa Iseraele, Kgosi ya lona.”


Setjhaba seo ke ipopetseng sona, se tla ntumisa ka dithoko.”


Ke nna Morena Modimo wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, Mopholosi wa hao; ke fana ka Egepeta hore ke o lopolle, ke fana ka Kushe le Seba bakeng sa hao.


e leng bohle ba ipitsang ka lebitso la ka, bao ke ba bopileng hore ba ntlotlise, bao ke ba bopileng ka ba ka ba etsa.”


Morena, yena ya o bopileng, ya o entseng o sa le popelong, ya tla o thusa, o bua tjena: Se tshabe, wena Jakobo, mohlanka wa ka, le wena Jeshurune eo ke mo kgethileng.


Ho madimabe ya reng ho ntatae: ‘O tswetseng?’ Kapa ya reng ho mmae: ‘O belehileng?’


Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, o bua tjena: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o rutang tse leng molemo ho wena, ya o tsamaisang tseleng e o loketseng.


Mmopi wa hao ke yena monna wa hao, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae; Ya Halalelang wa Iseraele ke yena Molopolli wa hao, o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.


Tjhaba sa hao sohle e tla ba sa ba lokileng, naha e be lefa la sona la kamehla yohle, e be lehlomela le hlomilweng ke nna, e be mosebetsi wa matsoho a ka, oo ke tlotliswang ka wona.


Wena Morena, ke wena ntata rona, le hoja Aborahama a sa re tsebe, le Iseraele a sa re letho ka rona, oho, wena Morena, ke wena ntata rona, Molopolli wa rona: Ke bitso la hao la kamehla yohle.


Leha ho le jwalo, Morena, wena o ntata rona; rona re letsopa, wena o sebopi, bohle re mosebetsi wa matsoho a hao.


Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu?


Yaba Morena o re: “Ke ne ke tla thabela ho le etsa bana ba ka, ke le abele naha e kgahlehang, lefa le letle ho feta mafa a tjhaba tsohle. Ka ba ka re: Lona le tla mpitsa Ntate, mme le ke ke la kgaotsa ho ntatela.


“Ka nako eo ke tla ba Modimo, Modimo wa merabe yohle, merabe ya Iseraele, yona e be setjhaba sa ka,” ho rialo Morena.


Ba tla kgutla ba itshela ka dikgapha, ke ba etelle pele, bona ba ntse ba rapela. Ke tla ba tsamaisa pela melatswana e phallang, tseleng e bataletseng, moo ba ke keng ba kgoptjwa, hobane nna ke ntata Iseraele, Efraime ke mora wa ka, mora wa matsibolo.


‘Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.’


“Morena Modimo o bua tjena: Seo ke tla boela ke dumela ba ntlo ya Iseraele ho nkopa sona, mme ke ba etsetse sona, ke sena: Ke tla ba atisetsa thari, ba be jwaloka mohlape wa dinku,


“ ‘Ke tla etsa hore lebitso la ka le halalelang le tsejwe hara setjhaba sa ka sa Iseraele. Ha nka ke ka hlola ke dumela hore lebitso la ka le halalelang le silafatswe, mme baditjhaba ba tla tseba hore nna ke Morena ya halalelang wa Iseraele.


A re ba rapele Modimo ya lehodimong hore a ba hauhele, a ba hlalosetse sephiri sena, e le hore yena, le metswalle ya hae, le bahlalefi ba Babilona, ba tle ba se ke ba bolawa.


“Empa Baiseraele ba tla ngatafala, ba ngatafale sa lehlabathe la lewatle le ke keng la methwa leha e le ho balwa. Moo ho neng ho thwe ho bona: ‘Lona ha le setjhaba sa ka’, ho tla thwe: ‘Le bana ba Modimo ya phelang’.


A kolokotjhana le lengeloi, a le hlola, a ba a le kopa tlhohonolofatso, a le kopa yona ka dikeledi. A teana le Modimo a le Bethele, a bua le yena a le hona moo.


Ka baka leo, ke re ho lona: Tsohle tseo le di kopang ka thapelo, dumelang hore le se le di amohetse, mme le tla di etsetswa.


Ke tla ba ntata lona, mme le tla ba bara le baradi ba ka,” ho rialo Morena ya matla wohle.


Re dibopuwa tsa Modimo, ka Kreste Jesu o re bopetse ho etsa mesebetsi e metle, eo a neng a e lokise e sa le pele hore re tle re e etse.


Ka lona letsatsi leo, leo Morena a ileng a neelana ka Baamore ho bana ba Iseraele ka lona, Joshua a bua ho Morena, moo Baiseraele ba ntseng ba bona, a re: “Wena, letsatsi, ema themelele! hodima Gibeone! Le wena kgwedi, themelele! hodima Aiyalone!”


Mahosana a Bafilesita a kopana, ho etsetsa Dagone, modimo wa wona, nyehelo e kgolo ya sehlabelo, le ho ithabisa, hobane a ne a re: “Modimo wa rona o neelane ka Samosone, sera sa rona, matsohong a rona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos