Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 43:12 - BIBELE

12 Ke nna ya senotseng, ka pholosa, ka phatlalatsa, ke nna, e seng modimo o mong osele o hara lona. Lona le paki tsa ka hore ke nna Modimo,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ke nna ya boletseng pele, ka ntoo pholosa, ka ba tsebisa taba tseo; hara lona ho ne ho se Modimo o mong; ka baka leo, le dipaki tsa ka, ho bolela Jehova, ke nna Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 43:12
13 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo he, Morena Modimo wa rona, ke a o kopa: Ako re namolele matsohong a kgosi ya Asiria, hore mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hore ke wena Morena Modimo a le mong feela.”


Kgosi eo e tla utlwa taba tsa bo-fuufu, e ferekane, ebe e kgutlela naheng ya yona, moo e tla bolaelwa teng ka sabole.’ ”


“Wena Iseraele, o paki ya ka,” ho rialo Morena, “o mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, o tle o tsebe, o dumele ho nna, mme o utlwisise hore ke nna Modimo. Ha ho modimo o bopilweng pele ho nna, kapa ha eba le o mong kamorao ho nna.


O se ke wa thothomela, o se ke wa tshaba. Na ha ke a ka ka bolela hoo, ka ho senola kgalekgale? Lona le dipaki tsa ka; na ho teng Modimo e mong kantle ho nna? Tjhe, ha ho Lefika le leng, ha ke tsebe le le leng!’ ”


Ha ke a bua sephiring, kgotjheletsaneng tse lefifi, ha ke a ka ka re ho ditloholo tsa Jakobo: ‘Mpatleleng lelea.’ Nna Morena, ke bua ho lokileng, nna ke bolela tse nepahetseng.”


Bonang, ke entse Davida paki ya ka ho ditjhaba, ka mo etsa moetapele le molaodi wa ditjhaba.


Morena a mo tataisa a le inotshi, a sa thuswe ke medimo e meng.


Ba mo phephetsa ka medimo e meng, ba mo halefisa ka manyala a medingwana.


“ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios