Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 42:8 - BIBELE

8 “Ke nna Morena, lena ke lona lebitso la ka! Nke ke be ka nea e mong tlotla ya ka, kapa medimo ya bohata tlotliso ya ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke nna Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong kganya ya ka, nke ke ka nea ditshwantsho thoko e ntshwanelang.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 42:8
16 Referencias Cruzadas  

mo rokeng, le tlotlise lebitso la hae, le mo rorise ka mokgwa o tlotlehang.


Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele.


“O se ke wa kgumamela modimo osele, hobane Morena, eo lebitso la hae e leng Sebouledi, ke Modimo ya boulelang.


Morena a re ho yena: “O etse jwalo, ba tle ba kgolwe hore Morena, Modimo wa bo-ntata bona, Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo, o fela a ile a iponahatsa ho wena.”


“Nna, nna ke inotshi, ke Morena, kantle ho nna ha ho Mopholosi.


Ke nna Morena Modimo wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, Mopholosi wa hao; ke fana ka Egepeta hore ke o lopolle, ke fana ka Kushe le Seba bakeng sa hao.


Ka baka la ka, ka baka la ka feela, hona ke ho entse. Nka dumela jwang hore ke senngwe lebitso? Tlotla ya ka ha nka ke ka e nea e mong.”


Ka baka leo, ke o boleletse tsena e sa le kgale; di eso etsahale ka o bolella tsona, e le hore o tle o se ke wa re: ‘Modimo wa ka wa bohata o di entse, modimo wa ka wa lehong le modimo wa ka wa tshepe, ke yona medimo e ileng ya di laola.’


“Tsena kaofela o di utlwile, wa di bona, na ha o na ho di dumela? Ho tloha jwale ke tla o bolella tse ntjha, ke o bolelle tse patehileng, tseo o sa di tsebeng.


“Morena ya entseng lefatshe, ya le bopileng a ba a le tsitsisa, eo lebitso la hae e leng Morena, o bua tjena:


Ba nwa veine, ba rorisa medimo ya kgauta, le ya silefera, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe.


hore bohle ba hlomphe Mora jwalokaha ba hlompha Ntatae. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntatae ya mo romileng.


Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Aborahama a eso tswalwe, nna e ne e se ntse e le nna.”


“Haeba o sa hlokomele ho phetha mantswe wohle a molao ona, a ngotsweng bukeng ena, le ho tshaba lebitso lena le tlotlehang, le tshabehang, la Morena Modimo wa hao,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos