Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 41:12 - BIBELE

12 Leha o ka tsoma dira tsa hao, ha o ka ke wa ba wa di fumana. Batho ba o futuhelang ka ntwa ba tla tshwana le lefeelafeelane,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Batho ba o tsekisang, o tla ba batla, mme o ke ke wa hlola o ba fumana; ba o lwantshang ba tla etswa lefeela, ba be jwaloka ntho e leng siyo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 41:12
7 Referencias Cruzadas  

Mantsiboya di bakela bohle matswalo, le eso tjhabe tsona di se di nyametse! Ena ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, ke yona kabelo ya ba senyang tsa rona.


Jwalokaha ya lapileng a ye a lore a eja, ere ha a tsoha a iphumane a ntsa lapile; jwalokaha ya nyorilweng a ye a lore a enwa metsi, ere ha a tsoha a iphumane a kgathetse, a nyorilwe; ho tla ba jwalo le ho matshwele a tjhaba tsohle, ho matshwele a lwantshang Thaba ya Sione.


Ha ho kgosi e tla busa naha eo, mahosana wohle a yona a tla fetoha lefeela.


Empa Morena o bua tjena: “E, bahale ba tla amohuwa bathopuwa ba bona, le ba sehloho ba amohuwe kgapo ya bona, Ba lwantshanang le wena ke tla ba lwantsha, bana ba hao ke ba lopolle.


Mohla tsatsi leo ke tla otla, ke otle bohle ba o hateletseng; ke tla pholosa ba holofetseng, ke phuthe ba neng ba qhalakane. Hohle moo ba neng ba tlontlolotswe teng, thabo le tlotla di tla ba aparela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos