Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 39:6 - BIBELE

6 ‘Mehla e a tla eo ka yona tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bo-ntatao ba di bolokileng ho fihlela jwale, di tla iswa Babilona. Ha ho letho le tla sala,’ ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Bona, matsatsi a tla ao tsohle tse ka tlung ya hao di tla iswa Babilona, le tsohle tse bokeletsweng ke bontatao ho fihlela la kajeno; ho ke ke ha sala letho, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 39:6
11 Referencias Cruzadas  

Jwalokaha Morena a ne a ile a bolela, Nebukadenesare a hahara matlotlo wohle a Tempele ya Morena, le matlotlo a ntlo ya kgosi. A pshatla dintho tsohle tsa kgauta, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di etseditse Tempele ya Morena.


Ha selemo se thwasa, kgosi Nebukadenesare a mo romela maqosa, a mo isa Babilona le thepa ya bohlokwa ya Tempele ya Morena, mme a bea Sedekia, ngwanabo, hore e be kgosi ya Juda le Jerusalema.


Thepa yohle ya Tempele ya Morena, e kgolo le e nyenyane, le matlotlo a Tempele ya Morena, le matlotlo a kgosi, le a mahosana a yona, tsena tsohle a di isa Babilona.


Maruo wohle a motse ona, le tsohle tse sebeditsweng ka thata, le dintho tsohle tsa bohlokwa, le matlotlo wohle a dikgosi tsa Juda, tsena tsohle ke tla neelana ka tsona matsohong a dira tsa bona. Dira di tla di hapa, di di nke, di ye le tsona Babilona.


Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba nke le mabenyane a hao.


Morena a neelana ka Jehoyakime, kgosi ya Juda, matsohong a Nebukadenesare; a ba a neelana le ka thepa e nngwe ya Tempele ya Modimo. Thepa eo Nebukadenesare o ile a e isa naheng ya Babilona, a e bea ka tempeleng ya modimo wa hae, ka tlung ya polokelo ya matlotlo a modimo wa hae.


Kgosi ya laela Ashepenase, mookamedi wa bahlanka ba kgosi, ho kgetha banna ba bang hara bana ba Iseraele, ba madi a bokgosi le a bohosana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos