Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 37:3 - BIBELE

3 Ba fihla ba re ho Esaya: “Hesekiya o bua tjena: ‘Letsatsi lena ke la tsietsi, le la ho kgalemelwa, le la ho nyefolwa. Ke nako ya ho beleha bana, empa matla a ho beleha ha a yo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ba re ho yena: Esekiase o re: Letsatsi lena ke letsatsi la mahlomola, la ho lauwa, le la ho nyatsuwa; hobane bana ba loketse ho tswa popelong, empa matla a ho beleha ha a yo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 37:3
20 Referencias Cruzadas  

Ba fihla ba re ho Esaya: “Hesekiya o bua tjena: ‘Letsatsi lena ke la tsietsi, le la ho kgalemelwa, le la ho nyefolwa. Ke nako ya ho beleha bana, empa matla a ho ba beleha ha a yo.


Empa e ile yare ha ba le tsietsing ba kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele, ba mmatla, mme ba mo fumana.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise.


se thatafatseng dipelo tsa lona jwaloka mohla Meriba, jwaloka mohla Masa, lehwatateng;


Tsatsi lena ke la mekutu, la ho hatakelwa, le la tshabo, tsatsi le laotsweng ke Morena, Modimo wa mabotho, ka Kgohlong ya Pono, rata la ho heletswa ha marako le tla utlwahala kwana mahaheng.


Morena Modimo o tla fedisa lefu, le felle ruri, a hlakole meokgo fahlehong tsa batho bohle, a tlose dihlong tjhabeng sa hae fatsheng lohle, hobane Morena o buile jwalo.


Morena, ba tlile ho wena ba tsielehile, ha o ba kgalema yaba ba a o rapela.


Ke tla o dihela koduwa hodimo, o be bofifing, o lle sa mmokotsane, o ke aletare e tukang mollo.


Oho, Morena, ako re hauhele, rona ba o tshepileng! Hoseng ho hong le ho hong o re matlafatse, o re pholose nakong ya ditsietsi.


“Mosadi o belehile a eso utlwe mahlaba a pelehi, a beleha mora, mahlaba a pelehi a eso mo fihlele.


Na nka fihlisa mosadi kgatheng la ho beleha, yaba ke thibela ho tswalwa ha ngwana wa hae?” ho rialo Morena. “Na ke ye ke kwale popelo ya mosadi, ke e kwale ka nako ya pelehi?” ho rialo Modimo wa hao.


Jo, tsatsi leo le leholo haholo! Ha ho na le ka tshwanang le lona: Ke tsatsi la tlokotsi ya tjhaba sa ka, empa tjhaba seo se tla phonyoha ho yona.


Mahlaba a pelehi a tla tshwara mmae, empa Efraime ke ngwana ya sethoto, o lesisitheho ho belehwa ka nako ya teng.


Ke tla tsamaya ke ikgutlelle haeso, ho fihlela ba dumela molato wa bona, ba o dumela, ba bile ba mpatla. Matshwenyehong a bona ba tla mpatla, ba mpatlisise.”


Mohla le fihlang tsatsi la kahlolo, naha ya Efraime e tla fetoha nanaola. Ke phatlalletsa merabe ya Iseraele, ke e phatlalletsa seo e leng nnete.


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios