Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 30:1 - BIBELE

1 Morena o re: “Le madimabe hakaakang bana ba mahlabaphiyo, ba phethang merero eo e seng ya ka, ba etsang dilekane ba se na Moya wa ka, ba etsang hore dibe di tote!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ho madimabe bana ba ithatafatsang, ho bolela Jehova, ba rerang taba, empa e seng ka nna, ba etsang dilekane, empa e seng ka moya wa ka, ba tle ba eketse sebe hodima sebe;

Ver Capítulo Copiar




Isaia 30:1
48 Referencias Cruzadas  

Bona mona, o tshepile Egepeta, e leng lere la lehlaka le peperaneng, le hlabang seatla sa motho ya itshetlehang ka lona. Faro, kgosi ya Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepileng.


Haeba o tshepile hore Egepeta e tla o nea dikariki tsa ntwa le bapalami, ebe o ka tseba ho phekgola molaodi leha a le mong feela wa bahlanka ba eisehang ba monga ka?


hobane o setshabelo sa ka, qhobosheane e matla mahlong a dira tsa ka.


Lona mahodimo mamelang! Wena lefatshe thea tsebe! Morena o buile, a re: “Ke otlile bana, ke ba hodisitse, empa jwale ba mphetohetse.


Babusi ba wona ke mahlabaphiyo, ba fetohile metswalle ya mashodu, kaofela ha bona ba rata tjotjo, kaofela ha bona ba labalabela dimpho. Ha ba ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona ha ba e emele.


Jo! tjhaba sa baetsadibe se tletseng bokgopo! Tloholo tsa ba kgopo, bana ba bodileng! Ba furaletse Morena, ba nyedisitse Ya Halalelang wa Iseraele, ba fela ba mo furaletse.


Le sa tla boela le otlwa hokae, ha le ntse le pheella ho mo fetohela? Hlooho yohle e se tletse maoma, mmele wohle le wona o a kula.


Lona le itse: “Re entse selekane le lefu, ra etsa tumellano le Nqalo ya Bafu. Ha koduwa e tshabehang e wela lefatshe, rona e tla re feta mohwalotso, hoba leshano ke tshabelo sa rona, bohata ke bona tshireletso ya rona.”


Moalo o mokgutshwanyane hoo o ke keng wa nama, kobo e nyenyane hoo o ke keng wa ikatela.


Ho madimabe ba patelang Morena merero ya bona, ba e etsetsang lefifing, ba re: “Ke mang ya re bonang? Ke mang ya re tsebang?”


Tjhaba sena ke sa mahlabaphiyo, bana ba sona ke bo-raleshano, molao wa Morena ha ba o mamele.


Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso.


Kgosi ka nngwe e tla ka lephephe ha moya o puka, e ke setshabelo nakong ya sefefo, e ke nokana tsa metsi lehwatateng, e ke moriti wa lefika naheng e omeletseng.


Thaba ya Sione mmoho le ba phuthehelang ho yona, motsheare Morena o tla e sireletsa ka leru le ka mosi, bosiu a e bonesetse ka kganare ya mollo, bohle ba sireletswe ke tlotla ya hae.


Ho madimabe ba ikgulelang bokgopo, ka thapo tsa mafeela, ba ikgulelang sebe jwalokaha kariki e hulwa;


Empa ba fetohela Morena, Moya o Halalelang ba o swabisa, ka baka leo, yena a fetoha sera sa bona, a ba lwantsha e le yena ka seqo;


Ke qetile letsatsi lohle ke otlolotse matsoho a ka, ke a otlolletse setjhaba, tjhaba se melala e thata se itsamaelang ka tsela ya sona e kgopo, se latelang mehopolo ya sona feela.


Morena a bua le nna letsoho la hae le matla le le hodima ka, a nkeletsa hore ke se ke ka latela mekgwa ya setjhaba sena, mme a re:


“Sohle seo tjhaba sena se reng ke bohlabaphiyo, wena se ka re ke bohlabaphiyo; se ka tshaba se tshajwang ke tjhaba sena, o se ka tshoswa ke se se tshosang.


Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu?


Morena o bua tjena: “Ho ke ho rohakehe ya itshepisitseng batho, yena ya tshepileng matla a letsoho la hae, eo pelo ya hae e furaletseng Morena.


O ratelang ho ya Egepeta ho ya nwa metsi a Shihore? O ratelang ho ya Asiria ho ya nwa metsi a Noka?


“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tle le bolelle kgosi ya Juda e le rommeng ho nna, le re: ‘Bona mona, lebotho la Faro le tlileng ho tla le thusa le tla kgutlela Egepeta, naheng ya habo lona.


a e teela hare sa banna ba lebetse tshimo, hobane e mphetohetse,’ ” ho rialo Morena.


“Malebana le lona Morena o itse: ‘Lona masalla a Juda le se ke la ya Egepeta.’ Tsebang hore ka letsatsi lena ke le kgalemetse,


Empa tjhaba sena se manganga, se fetohaka feela; se se se kgelohile, mme jwale se iketse.


Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, banna bana ke bona ba ntseng ba rera bokgopo, ba fana ka dikeletso tse mpe hara motse mona.


La re ho nna: “Wena ngwana motho, ke o roma ho bana ba Iseraele, e leng setjhaba sa bafetohedi, se ileng sa mphetohela; sona le bo-ntata sona haesale se mphetohela ho fihlela kajeno.


Bolella ba ntlo ena ya bafetohedi papiso ena, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Bea pitsa ifo, e bee ifo, o e tlhadihele.


Egepeta e ke ke ya hlola e eba setshehetso sa setjhaba sa Iseraele, empa etlare ha Baiseraele ba e bona, e ba hopotse sebe sa bona sa ho batla thuso ho yona. Kahoo Baiseraele ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo.’ ”


Ke tla thatafatsa pelo ya hao sa lejwe la moremaphofu, o be thata ho feta tshepe. O se ke wa ba tshaba, leha e le ho ba tshoha, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.”


Sabole e tla tsekema hara metse ya bona, e robe mekwallo ya dikgoro tsa bona, merero ya bona yohle e e nyopise.


Jwale ba etsa sebe ho ya ho ile, ba entse medingwana ka silefera e qhibidisitswe, ba etsa medingwana ya bona, medingwana ya manamane, kaofela ha yona e le mesebetsi ya ditsebi. Batho bana ha ho buuwa ka bona ho thwe: “Ha ba nyehela ka mahlabelo a bona, ba be ba ake medingwana ya manamane.”


Bomadimabe bo ba wele hodimo, hobane ba balehile pela ka! Kotlo e ba wele hodimo, hobane ke mona ba ntshitetswe! Ke ne ke re ke a ba lopolla, empa ba nnetile ka leshano!


Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Bonang, le tshwana le bo-ntata lona, le bana ba baetsadibe, le ntse le eketsa kgalefo e tshabehang ya Morena hore e tlokele Iseraele.


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


“Ho se be eo ereng ha a utlwa mantswe a kano ena, a re: ‘Ke tla phela ka kgotso, leha nka latela boithatelo ba pelo ya ka, hobane ba kgopo le ba lokileng ba tla timela ka ho tshwana.’


Haesale ke le tseba, le nnile la fetohela Morena.


“Le hopole, mme le se ke la lebala kamoo le ileng la halefisa Morena Modimo wa lona kateng, ha le le lehwatateng. Ho tloha mohla le tswang naheng ya Egepeta, ho fihlela le ba le fihla sebakeng sena, le nnile la fetohela Morena.


Ha e le batho bao ba kgopo, ba mamenemene, bobe ba bona bo tla nne bo tote, ba thetse ba bang, le bona ba thetsehe.


Banna ba Baiseraele ba ngwatha mofao wa baeti, empa ba se ke ba batla keletso ya Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos