“Ka nto mmotsa, ka re: ‘O moradi wa mang?’ “A araba, a re: ‘Ke moradi wa Bethuele, ya tswetsweng ke Nakore le Mileka.’ “Yaba ke mo rwesa lesale nkong, le dipetja matsohong.
Jwale Faro a ntsha lesale la hae la monwana, a le kenya monwaneng wa Josefa; a mo apesa diaparo tse entsweng ka lesela la lene, mme a mo rwesa sekgama sa kgauta molaleng.
Hona ho etsahale ka letsatsi le le leng, dinaheng tsohle tse buswang ke kgosi Ahashuerushe; letsatsi leo e be la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele.
Ha kena le basadi, bohle bao pelo tsa bona di ratang; ba tlisa dipetja, le masale a rwalwang dinkong, le mefitshane, le dipele, le tsohle tse entsweng ka kgauta; bohle ba nang le hona ba tlisetsa Morena dimpho tsa kgauta.
Matsoho a hae a ka meholoko ya kgauta, meholoko e kgabisitsweng ka lejwe la Tarashishe; mmele wa hae o benya sa manaka a tlou, manaka a tlou a kgabisitswe ka disafire.
“Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: ‘Phakisang le tlise seaparo se setlesetle, le mo apesa sona, le mo rwese lesale monwaneng, le meqathatso maotong.
Ho ka etsahala hore phuthehong ya lona ho kene monna ya rwetseng lesale la kgauta, ya apereng tse mahadihadi, ho be ho kene le mofutsana ya apereng tse marantha.