Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 27:7 - BIBELE

7 Na Morena o ile a otla Iseraele jwalokaha a ile a otla ba ileng ba mo otla? Na o bolailwe jwaloka ba ileng ba mmolaya?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Na o re, Jehova o otlile Iseraele ka dikotlo tse kang tseo bahlorisi ba hae ba otlilweng ka tsona, kapa na o mmolaile jwalokaha a bolaile ba mmolaileng na?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 27:7
17 Referencias Cruzadas  

Etlare ha Morena a qetile mosebetsi wohle wa hae Thabeng ya Sione le Jerusalema, a otle kgosi ya Asiria ka baka la boikgohomoso ba pelo ya yona, le ka baka la ho inkela hodimo ha yona,


Sedi la Iseraele le tla fetoha mollo, Ya Halalelang wa hae a fetohe lelakabe le tla tjhesa meutlwa le hlabahlabane, le di tjhese ka tsatsi le le leng.


Mantsiboya di bakela bohle matswalo, le eso tjhabe tsona di se di nyametse! Ena ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, ke yona kabelo ya ba senyang tsa rona.


Motse o haheleditsweng o tla ba siyo Efraime, le wona mmuso wa Damaseka o tla fela, masalla a Arame a tla fela sa tlotla ya Iseraele,” ho rialo Morena wa mabotho.


Baasiria ba tla tshoswa ke ntswe la Morena, ha Morena a ba otla ka molamu wa hae.


“Baasiria ba tla bolawa, ba bolawe ka sabole e se ya motho, ba timetswe ka sabole e se ya motho. Baasiria ba tla baleha sabole, bahlankana ba bona ba sebediswe ka thata.


Kgosi ya bona e tla baleha ke ho tshaba, balaodi ba lahle mekgele ya bona ke ho tshoha,” ho rialo Morena eo mollo wa hae o leng Sione, eo sebopi sa hae se leng Jerusalema.


Jwalokaha Sodoma le Gomora Modimo a na di timetse, a timetsa le metse e neng e ahelane le tsona,” ho rialo Morena, “ha ho na motho ya sa tla phela Babilona, ha ho na motho ya tla aha Babilona.


“Ke tla fedisa Babilona le baahi bohle ba yona moo le ntseng le bona, ka baka la diphoso tsohle tseo ba di etseditseng Sione,” ho rialo Morena.


Malebana le Ninife, Morena o entse taelo: “Wena Ninife o tla hloka ditloholo, tloholo tse tla bitswa ka lebitso la hao. Medingwana ya hao ke tla e pshatla, ke e pshatlele ka tempeleng ya yona, ke pshatle le yona e bopilweng. Bitla la hao ke tla le etsa sesomo.”


Leqeba la hao ha le na pheko, leoma la hao le isa lefung. Bohle ba utlwang ditaba tsena tsa hao, ba opela ho wa ha hao mahofi. Ke mang ya phonyohileng sehloho sa hao, sehloho sa hao se sa kgaotseng?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos