Isaia 27:10 - BIBELE10 Motse o haheleditsweng o fetohile dithako, ke motse o siilweng, o furaletsweng sa lehwatata, ke moo manamane a fulang teng, a be a bothe, a itjelle makala. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)10 Hobane motse o matla o dutse o nnotshi, ke setsha se tlohetsweng, se sebaka jwaloka nahathothe; namane e tla fula teng, e bothe teng, e je dihlahla teng. Ver Capítulo |
“Mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda, Mmika wa Moreshete a na a porofeta, a bolella setjhaba sohle sa Juda, a re: ‘Morena wa mabotho o bua tjena: “ ‘Sione e tla lengwa jwalokaha eka ke tshimo, Jerusalema yona e fetohe diqubu tsa majwe, leralla leo Tempele e hahilweng hodima lona le fetohe tututswana e aparetsweng ke moru.’
Jwale lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Modimo: Morena Modimo o bua tjena ho dithaba, le ho maralla, le ho dinoka, le ho dikgohlo, le ho dithako tseo e seng e le masupi, le ho metse e setseng e le feela, e ileng ya fetoha lelobelo le sesomo ho masalla a baditjhaba a le potapotileng.