Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 26:14 - BIBELE

14 Ba shwele, ba ke ke ba hlola ba phela, ba mabitleng, ba ke ke ba hlola ba tsoha; o ba otlile, wa ba wa ba timetsa, wa etsa hore ba se hlole ba hopoleha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ba shwele, ba ke ke ba hlola ba phela; ke diriti, ba ke ke ba boela ba utlwa; hobane o ba otlile, o ba fedisitse, o timeditse le ho hopolwa hohle ha bona.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 26:14
25 Referencias Cruzadas  

Hohle lefatsheng o a lebalwa, diterateng ha ho sa buuwa ka lebitso la hae,


Popelo e tla ba lebala, diboko di ba nyabele; ba ke ke ba hlola ba sa hopolwa, bokgopo bo tla fela sa fate se robehile.


Jwalokaha maru a fefoha, a nyamele, ya theohelang Nqalong ya Bafu a ke ke a nyoloha;


Ba kgomarela Baale wa Peore, ba eja mahlabelo a etseditsweng bafu.


Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, mabitso a tsona a hlakolwe melokong e hlahlamang.


E na le ditsebe, empa ha e utlwe; le ho phefumoloha, ha e phefumolohe.


Moikgohomosi a se bee leoto pela ka, letsoho la ya kgopo le se nteleke.


Ba a potlaka, ba itokisetsa nna, le hoja ke sa etsa phoso; tsoha, o nkgahlanyetse, mme o bone.


O kgalemetse ditjhaba, wa timetsa ba kgopo, mabitso a bona wa a hlakolela ruri.


Ka lona letsatsi leo Morena a namolela Baiseraele matsohong a Baegepeta. Baiseraele ba bona ditopo tsa Baegepeta di karaletse lebopong la lewatle.


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ho lehlohonolo, empa bitso la ya kgopo le ke ke la hopolwa.


Ba phelang bona ba a tseba hore ba tla shwa, athe bafu bona ha ho letho leo ba le tsebang, moputso le wona ha ba ka ke ba o fumana, esita le ho hopolwa ha ba sa hopolwa.


Le tla etsang mohla tsatsi la kahlolo, le la timelo e tla tla e etswa hole? Thuso le tla ya e kopa ho mang? Maruo a lona le a siye hokae?


Bafu ba lona ba tla boela ba phele, ditopo tsa bona di tla boela di tsoha. Lona ba phelang leroleng, tsohang le bine; kahobane phoka ya hao e tshwana le phoka ya hoseng, fatshe le tla boela le tsosa bafu ba lona.


Morena wa mabotho o tla o pholosa, a o pholose ka diaduma le ka tshisinyeho ya lefatshe, a o pholose ka rata le leholo, ka sefefo le setsokotsane le malakabe a timetsang.


di tjhesitse medimo ya ditjhaba tseo, hobane e ne e se medimo; e ne e le medimo eo batho ba iketseditseng yona ka lehong le ka majwe, ke kahoo e timeditsweng.


Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu?


la re: “Tsoha, o nke ngwana le mmae, o boele naheng ya Iseraele, hobane ba neng ba batla bophelo ba ngwana ba shwele.”


Le tla sebeletsa medimo e bopilweng ka matsoho a motho; medimo ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa jeng, e sa fofoneleng.


Bafu ba setseng ha ba a ka ba tsoha ho fihlela dilemo tse sekete di fetile. Ena ke tsoho ya pele ya bafu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos