Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 26:13 - BIBELE

13 Oho, Morena Modimo wa rona, babusi ba bang ba kile ba re busa, empa ke bitso la hao feela leo re le tlotlang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jehova, Modimo wa rona, re kile ra buswa ke marena a mang, e seng wena; empa ke ka wena feela re rapelang lebitso la hao.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 26:13
15 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, e tla ba bahlanka ba Shishake, hore ba tle ba tsebe hore na ke sebeletswa jwang, le mebuso ya dinaha tse ding e sebeletswa jwang.”


Jerusalema le medimo ya yona ya ditshwantsho ke tla e etsa sa Samaria, le medimo ya yona ya ditshwantsho.”


Mohla tsatsi leo, le tla re: “Lebohang Morena, le mo rapele, phatlalatsang mesebetsi ya hae hara ditjhaba, le bolele hore bitso la hae le leholo.


Naha ya sona e tletse medimo ya bohata, se kgumamela mesebetsi ya matsoho a sona, mesebetsi e bopilweng ke menwana ya sona.


Oho, Morena, re o emetse, re tsamaya tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le botumo ba hao ke tsona tseo re di labalabelang.


Morena, Morena wa hao, Modimo wa hao, yena ya buellang tjhaba sa hae, o bua tjena: “Bona! Ke phamotse letsohong la hao senwelo se neng se o tsekedisa; senwelo seo sa kgalefo ya ka o ke ke wa hlola o nwela ho sona hape.


Ke tla bolela tsa rato la Morena le sa feleng, le ketso tseo a lokelang ho di rorisetswa, ho ya ka tsohle tseo a re etseditseng tsona, melemo e meholo ho ba ntlo ya Iseraele, eo a ba abetseng yona ho ya ka mehauhelo ya hae, le ho ya ka ketso tsa hae tsa lerato, tse ngata.


O thusa ba etsang ho loka, ba ho etsang ba thabile, bona ba hopolang ditsela tsa hao. Leha o no halefile re nnile ra etsa dibe; ebe jwale re ka pholoswa jwang?


Leha e mong wa bona, ya tshwanelang ho tjhesa ditopo, a ka tla di ntsha ka tlung, mme a botsa eo ebang o ntse a ipatile motsheo, a re: “Na ho sa na le e mong kantle ho wena?” Eo a araba, a re: “Tjhe!” Ke moo eo a tla re: “Thola! Ha re a tshwanela ho bitsa lebitso la Morena.”


Tjhaba tsohle di sebeletsa medimo ya tsona, empa rona re tla sebeletsa Morena, re sebeletse Modimo wa rona kamehla le mehla.


le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.”


Empa kajeno le lokolotswe sebeng, le entswe makgoba a Modimo, le kotula tse le halaletsang, mme qetello ya tsona ke bophelo bo sa feleng.


Ana wena ke mang ya o nkelang hodimo? Ke eng eo o nang le yona, eo o sa e fuwang ke Modimo? Jwale haeba o e filwe, o ithorisetsang jwalokaha e ka ha o a e fuwa?


Ka baka leo, ka Jesu, a re se phetseng ho nyehella Modimo ka sehlabelo sa thoriso e tswang melomong e rokang lebitso la hae.


Le se ke la kopakopana le ditjhaba tsena tse setseng hara lona; le se ke la bua le ka mabitso a medimo ya tsona, kapa la hlapanya ka yona, kapa la e sebeletsa, kapa la e kgumamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos