Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 23:8 - BIBELE

8 Ya ileng a rerela Tire tsee ke mang? Tire, motse wa ho hlomamisa dikgosi, oo bahwebi ba wona e leng mahosana, oo bo-radikgwebo ba wona ba tummeng fatsheng lohle?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke mang ya rerileng taba ena hodima Tire, eo e neng e le moabedi wa meqhaka ya borena, eo bahwebi ba hae e neng e le marena, le ba rekang ha hae e leng ba hlomphuwang lefatsheng?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 23:8
11 Referencias Cruzadas  

Yena o re: “Na balaodi ba ka bohle hase dikgosi?


Haeba o tshepile hore Egepeta e tla o nea dikariki tsa ntwa le bapalami, ebe o ka tseba ho phekgola molaodi leha a le mong feela wa bahlanka ba eisehang ba monga ka?


Dira tsa hao di tla hapa maruo a hao, di lobele thepa ya hao. Di tla heletsa marako a hao, di dihe matlo a hao a majabajaba. Di tla lahlela majwe a hao lewatleng, di lahlele le maballo a hao, le koqokoqo ya matlo a hao a heleditsweng.


O ekeditse palo ya bahwebi ba hao, wa e eketsa ho feta naledi tsa lehodimo. Jwalokaha ditsie di ye di je, ebe di a ikela, le bona ba tla o ja, ebe ba a ikela.


Tire e ikgahetse qhobosheane, ya ipokellela silefera, silefera e le ngata sa hlabathe le bokeletswe, ya ipokellela le kgauta, kgauta e le ngata sa seretse diterateng.


Lesedi la lebone ha le ka ke la hlola le kganya ha hao. Lentswe la monyadi ha le ka ke la hlola le utlwahala ha hao. Bahwebi ba hao e ne e le mahosana a lefatshe, mme ka boloi ba hao wa thetsa ditjhaba tsohle.


Ka baka leo, dikotlo tsa yona di tla e tlela, di e tlele ka tsatsi le leng, lefu, mahlomola, le tlala, mme e tla tjheswa lore! Hobane Morena Modimo ya e ahlolang o matla.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos