Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 22:11 - BIBELE

11 Pakeng tsa marako a mabedi la haha letamo, la le hahela ho thibela metsi a Letshana la Kgale; empa la se ke la natsa Moetsi wa lona, kapa la tsotella ya le rerileng kgalekgale.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Le etsa letsha pakeng tsa marako a mabedi, ho bokella metsi a letsha la kgale; empa ha le tadime ho moetsi wa ditaba tseo, ha le lelalle ho ya di rerileng kgale.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 22:11
15 Referencias Cruzadas  

Diketso tse ding tsa Hesekiya, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a ileng a etsa letshana, le mosele kateng, a kenya metsi ka motseng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.


Baahi ba motse oo ba phunya dikgeo marakong, bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo. Kgosi ya nka tsela e lebang phuleng.


Empa ke kgethile Jerusalema hore ke tle ke kgumamellwe teng, mme ke kgethile Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.’


Nehemia, mora wa Asabuke, mmusi wa karolo e nngwe ya Bete-Sure, a latela Shalome; a tsosa karolo ya lerako e tobaneng le mabitla a Davida, ho ya fihla letshaneng, le ho ya fihla Tlung ya Bahale.


Mohla tsatsi leo, motho o tla sheba Mmopi wa hae, mahlo a motho a shebe Ya Halalelang wa Iseraele.


Matlo a Jerusalema le a badile, la heletsa matlo hore le tiise lerako.


Ho madimabe ba yang Egepeta ho kopa thuso, ba tshepileng dipere le boiyane ba kariki tsa ntwa, le bapalami ba dipere hobane e le dinatla, empa ba sa natse Ya Halalelang wa Iseraele, ba sa ipiletse ho Morena ho batla thuso.


“Ha o eso utlwe hore di entswe ke nna kgalekgale? Ka di bopa mehleng ya boholoholo? Jwale, ke nna ya entseng hore o be teng, o tlo timetsa metse e haheleditsweng, e be masupi.


Morena a re ho Esaya: “Wena le mora wa hao Sheara-Jashube, tsamayang le yo kgahlanyetsa Akase. Le tla mo fumana qetellong ya mosele wa metsi a letshana le kahodimo, tseleng e yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela.


Ha e le nna ke tshepile Morena, yena ya patileng sefahleho sa hae, a se patela ntlo ya Jakobo; ke yena eo ke tla mo lebella.


Yare ha Sedekiya, kgosi ya Juda, le bahlabani bohle ba ba bona, ba baleha; ba tswa motseng bosiu, ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e lebang tshimong ya kgosi, ba balehela lehwatateng.


Empa nna ke tla lebella Morena, ke lebelle Modimo, Mopholosi wa ka; Modimo wa ka o tla nkutlwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos