Isaia 19:10 - BIBELE10 bao e leng tshiya tsa naha ba tla ripitlwa, ba sebeletsang moputso ba nyahame dipelo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)10 Ditshiya tsa naha di tla robeha, bohle ba sebeletsang leruo ba hlomohe pelo. Ver Capítulo |
Yaba Morena o re ho Moshe: “Ere ho Arone: ‘Nka molamu wa hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, le hodima dinoka tsa bona, le hodima dinokana tsa bona; le hodima matsha a bona, le hodima metsi a bona wohle a bokellaneng, hore a tle a fetohe madi.’ Ho tla ba le madi naheng yohle ya Egepeta, esita le meruleng le meritshwaneng.”