Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 17:6 - BIBELE

6 Empa tholwana tse ding tsona di tla sala, jwalokaha ho hlohlorwa sefate sa mohlwaare, ho salang tse pedi kapa tse tharo makaleng a hodimo, ho sale tse nne kapa tse hlano makaleng a behang,” ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho sale ho thonakwa, jwaloka mohla ho hlohlorwang sefate sa mohlwaare, ha tholwana di sala di le pedi, kapa di le tharo makaleng a hodimo, di be nne, kapa di be hlano ntlheng tsa makala a sefate a behang: ho bolela Jehova, Modimo wa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 17:6
16 Referencias Cruzadas  

Empa ke tla siya ba dikete tse supileng naheng ya Iseraele, e leng bohle ba sa kang ba kgumamela Baale, le bohle ba sa kang ba mo aka.”


Hoja Morena wa mabotho a se ka re siela mahlatsipa, re ka be re ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora!


Leha tjhaba sa hao, wena Iseraele, se ka hlabathe la lewatle, ke masalla feela a tla boela a kgutla. Morena o se a laotse timetso, e tla se wela hodimo e le ka toka.


Ho tla ba jwalo lefatsheng, hara ditjhaba, ho be jwaloka fate sa mohlwaare ha se hlohlorwa, ho kgwahlapiswa morara o setseng ha ho kotulwa.


Ka letsatsi leo, Morena o tla pola koro ho tloha nokeng ya Euferatese ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta, ebe lona bana ba Iseraele, le bokellwa ka bonngwe.


Morena o bua tjena: “Lefatshe lohle le tla senyeha, empa ha ke na ho le timeletsa ruri.


Nke ke ka hlola ke ba patela sefahleho sa ka, hobane ke theoletse Moya wa ka hodima ba ntlo ya Iseraele, ho rialo Morena Modimo.”


“Ha mashodu a ka o futuhela bosiu, dinokwane tsa o nanarela bosiu, leha tshenyehelo ya hao e tla ba kgolo, na a ke ke a utswa feela tseo a di hlokang? Ha bakotudi ba morara ba o kotulela, na ba ke ke ba siya makgwahlapiso?


Ke madimabe hakaakang! Ke ka motho ya reng o kgola tholwana, ya reng o kgola tsa hlabula athe ha di yo. Ke ka rapa sa morara se kgwahlapisitswe; ha ho lesihla la morara le ka jewang, ha ho feiye ya pele eo nka e lakatsang.


Ka mokgwa ona setjhaba sa Iseraele kaofela se tla pholoswa, jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Molopolli o tla tswa Sione, o tla tlosa ho se tshabe Modimo ho ba leloko la Jakobo.


Le yena Esaya o phatlalatsa tsa Iseraele, o re: “Leha palo ya bana ba Iseraele e ka ba kaalo ka lehlabathe la lewatle, ke methwaela feela e tla pholoha,


Morena o tla le qhalanya hara ditjhaba, mme palo ya lona e tla fokola hara ditjhaba tseo Morena a tla le isa ho tsona.


Gideone a re ho bona: “Seo ke se entseng hase letho ha se bapiswa le seo lona le se entseng. Na se senyenyane, seo ba morabe wa Efraime ba se entseng, ha se seholo ho feta seo ba morabe wa Abiesere ba se entseng?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos