Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 17:11 - BIBELE

11 leha o ka mela mohla o o hlomileng, ka la hosasane wa tsoha o fupuditse, kotulo yona e ke ke ya eba teng mohla tsatsi la mafu a ke keng a phekolwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Eitse hobane o e hlome wa e etsetsa motero, mme hosasa wa thuntsha dipalesa; empa kotulo e fetohile kotulo ya maqeba a tebileng le ya masisapelo a tshabehang.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 17:11
18 Referencias Cruzadas  

Kamoo nna ke seng ke bone kateng, ba lemang bobe, ba be ba jale bokgopo, ba kotula hlanyelo e tshwana le tsona.


Hoseng bo a mela, bo palese; mantsiboya bo a pona, bo omelle.


Ho tla tshwana le ha mohedi a hela koro, a kotula koro ka diatla tsa hae; ho tshwane le ha motho a kgwahlapisa qwapi tsa koro, a di kgwahlapisa ka kgohlong ya Refaime.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


“Ba jetse moya, ba tla kotula sefefo, kaofela mabele a bona a phutsitse, kahoo dijo di ke ke tsa eba teng; leha eba a ne a ka beha haholo, baditjhaba ba ne ba tla a lobela.


Efraime ke fate se seng se rathilwe, motso wa hae o se o omeletse, a ke ke a hlola a beha ditholwana. Esita leha a ka tswala bana ke tla bolaya bana ba popelo ya hae, bana bao a ba ratang haholo.”


Peo e bolelletse katlasa makwete, mediko e senyehile, disiu di tabohile, hobane mabele le wona a phutsitse.


Le tla sebeletsa lelea, hobane masimo a lona a ke ke a beha letho, le difate tsa naha ha di na ho beha ditholwana.


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


O tla lema dirapa tsa morara, o o hlaolele, empa o ke ke wa nwa veine ya wona, kapa wa o kotula, hobane o tla jewa ke seboko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos