Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 13:21 - BIBELE

21 Batana tsa lehwatata di tla botha moo, diphooko le tsona di hahele teng, ebe moo dimpshe di phelang teng, dithotsela di tlolake teng, di tlolake di nyakaletse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 O tla fetoha letsaba la dibatana tsa naha, matlo a teng a tla tlala diphooko, dimpshe di ahe teng, bademona ba tlolake teng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 13:21
10 Referencias Cruzadas  

“Babilona e tla ba hae, habo dinoko, e fetohe naha ya mekgwabo; ke tla e fedisa ka lefielo la timetso,” ho rialo Morena wa mabotho.


Tadima naha ya Bakalatiya, ya tjhaba seo e seng e se letho! Baasiria ba e fetotse hwatata la dibatana, ba haha tora tsa bona tsa dibohodi, ba heletsa qhobosheane tsa yona, ba e siya e fetohile masupi.


Wena o fetotse motse qubu ya majwe, motse o haheleditsweng wa o fetola lesupi, motse wa bokgosi wa baditjhaba ha e sa le motse, le ho tsoswa o ke ke wa hlola o tsoswa.


Ntlo ya kgosi e tla sala e le feela, mmidimidi o hara motse o fele; qhobosheane le tora e tla ba dithako kamehla, tonki di thalle teng, le mehlape e fule teng,


“Teng ho tla phela batana tsa naha le diphokojwe, dimpshe le tsona di phele moo. Ha ho sa tla hlola ho eba le baahi hape, ha ho ya tla phela teng ka mengwaha yohle.


mpshe, le kgohoyadira, le leholosiane, le mefuta ya diphakwe;


Yaba Mmikiya o re: “Kahoo ke tla lla, ke bokolle, ke tsamaye ke hlobotse, maotong ke sa rwala; ke tla ngaya sa phokojwe ha e ngaya, ke purume sa mpshe ha e puruma.


Mohlape o tla botha hona moo, le phoofolo tsa naha ka mefuta ya tsona. Sephooko le sephookwana di tla robala teng, di robale kahodima ditshiya, tshiya tse ntseng di eme; bo-makgohlo ba hihitse ba le difesetereng, kupukupu ya mobu e thibile menyako, hobane kedare tsa yona di tla be di wele.


La howa ka lentswe le matla, la re: “E wele! E wele! Babilona e kgolo! E fetohile leaho la bademona, setshabelo sa meya yohle e ditshila, le sa dinonyana tsohle tse ditshila, tse hloyehang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos