Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 13:20 - BIBELE

20 O ke ke wa hlola o eba le baahi, o tla ba hloka ka meloko le meloko, ha ho Moarabia ya tla hloma tente ya hae moo, le badisa ba ke ke ba etsa metebo ya bona moo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 A ke ke a tsoswa le ka mohla o le mong, batho ba ke ke ba aha teng ho isa mefuteng le mefuta; Baarabe ba ke ke ba hloma ditente tsa bona teng, badisa ba ke ke ba etsa meraka teng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 13:20
20 Referencias Cruzadas  

Ba bang ba Bafilesita ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, ba mo thella ka silefera. Maarabia a mo thella ka mehlape ya dipheleu tse dikete tse supileng le makgolo a supileng, le diphooko tse dikete tse supileng le makgolo a supileng.


Ka boo bosiu ho se tswalwe lesea, le mehoo ya thabo e se utlwahale.


Ako mpolelle, wena moratuwa wa ka, moo kgulo la mohlape wa hao le leng teng, moo o bothisang mohlape wa hao teng, ha le le hloohong tsa mengala, esere ka fumanwa ke ntse ke lelera, ke o batla hara mehlape ya thaka tsa hao.


“Babilona e tla ba hae, habo dinoko, e fetohe naha ya mekgwabo; ke tla e fedisa ka lefielo la timetso,” ho rialo Morena wa mabotho.


Bona ke boporofeta malebana le lehwatata le pela Lewatle: Jwaloka ditsokotsane tse ferellang naheng ya Borwa, ya futuhang o tla hlaha a etswa lehwatateng, a hlahe a etswa naheng, naheng ya matshabeho.


Wena o fetotse motse qubu ya majwe, motse o haheleditsweng wa o fetola lesupi, motse wa bokgosi wa baditjhaba ha e sa le motse, le ho tsoswa o ke ke wa hlola o tsoswa.


Morena o di abetse naha ka lotho, ka tsoho la hae o di fa ka ho lekana, di tla rua naha eo kamehla yohle, meloko ya tsona e phele ho yona ka ho hlahlamana.


“Hasore e tla fetoha lehae la diphokojwe, e be nanaola ya kamehla yohle; ha ho na motho ya tla phela ho yona, ha ho na motho ya tla aha ho yona.”


Ka baka la hobane Morena a halefile, Babilona ha e ka ke ya eba le baahi, e tla fetoha nanaola kahohlehohle. Bo-mofeta-ka-tsela ba tla e makalla! Ba tsote ha ba bona dikotlo tsa yona!


“Futuhelang naha ya Merataime, le futuhele le baahi ba Pekode. Ba phaladiseng, le ba bolaye, le be le ba timetse ho hang,” ho rialo Morena. “Taelo tsa ka tsohle le di phethahatse.


Tjhaba se tswang leboya se tla e futuhela, se fetole naha ya Babilona e be nanaola. Ha ho na ya tla phela ho yona, ho tla baleha batho le diphoofolo.”


“Teng ho tla phela batana tsa naha le diphokojwe, dimpshe le tsona di phele moo. Ha ho sa tla hlola ho eba le baahi hape, ha ho ya tla phela teng ka mengwaha yohle.


Ka baka leo, utlwang diqeto tsa Morena, diqeto tseo a di etseditseng baahi ba Babilona: Batjha ba setjhaba ba tla hulanngwa, ka baka la bona naha ya bona e senngwe.


“Wena thaba e timetsang ke a o lwantsha, wena ya timetsang lefatshe lohle,” ho rialo Morena. “Ke tla o nanabela ka letsoho la ka, ke o thete, o wele, ke o dihele ka dilomong, ke o tshwantshe le thaba e le lehoko.


Lefatshe le a reketla, le a meneka, Morena o tsitsisitse morero wa hae wa Babilona, morero wa hore naha ya Babilona a e falatse, a e falatse ho se be ya ka phelang ho yona.


Babilona e tla ba qubu ya masupi, e fetohe lehae la diphokojwe; e tla fetoha sesomo, e nyedisehe, e be baka seo ho se nang baahi ho sona.


Metse ya Babilona e ripitlilwe, naha e fetohile sekaka le lehwatata, naha e se nang baahi le batsamai.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos