Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 13:18 - BIBELE

18 Diqha di tla roboka batjha, ba fetohe ditsekana, baimana bona ba ba hlokele mohau, leha e le hona ho utlwela bana bohloko.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ba tla bolaya ba batjha ka metsu, ba ke ke ba hauhela bana ba sa leng popelong, mahlo a bona a ke ke a utlwela ba anyang bohloko.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 13:18
18 Referencias Cruzadas  

Yaba Hasaele o re: “O llelang, monga ka?” Elisha a araba, a re: “Ke hobane ke tseba sehloho seo o tla se etsetsa bana ba Iseraele. O tla tjhesa diqhobosheane tsa bona ka mollo, o bolaye bahlankana ba bona ka sabole. Masea a bona o tla a pshatlanya fatshe, baimana ba bona o ba phatlole dimpa.”


Morena a etsa hore kgosi ya Bakalatiya e ba futuhele; ya bolaya bahlankana ka sabole, ya ba bolaela ka Sehalalelong sa Tempele. Ya se ke ya hauhela bahlankana, kapa barwetsana, kapa maqheku, kapa ba seng ba kgokgoba ke botsofadi; Morena a neelana ka bona bohle matsohong a kgosi eo.


Ruri bana ke lefa le tswang ho Morena, tholwana ya popelo ke moputso.


Bana ba bona ba tla thuakwa ba ntse ba ba bona, matlo a bona a lobelwe, basadi ba bona ba betwe.


Empa tsena tse pedi di tla o kgaoletsa, ka ho panya ha ntshi, ka tsatsi le le leng: Ho shwelwa ke bana le ho ba mohlolohadi. Di tla o wela hodimo ka matla a maholo, di sa re letho ka boloi ba hao, di sa re letho ka boreba ba hao.


Metsu ya bona e ntjhotjho, diqha tsa bona di dutse di kobilwe, tlhako tsa pere tsa bona eka mahakwe, mabidi a koloi tsa bona tsa ntwa eka setsokotsane.


Etsa hore bana ba bona ba bolawe ke sekoboto, madi a bona a tshollwe ke sabole, basadi ba bona ba shwelwe ke bana ba bona, basadi ba bona e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu la sewa, bahlankana ba bona ba bolaelwe ntweng ka sabole.


Dihlajwa tsa sona di ka bitla le ahlameng, kaofela ke tjhaba sa dinatla, natla tsa bahlabani.


Kahoo bahlankana ba yona ba tla shwela diterateng, bahlabani ba yona ba kgutsiswe ka tsatsi leo,” ho rialo Morena.


Tjhaba seo se hlometse ka diqha le ka marumo; ke tjhaba se sehloho, tjhaba se hlokang mohau. Modumo wa sona ekare wa lewatle le hwasa. Tjhaba seo se tla se palame dipere tsa sona, se theile theko ya ntwa, se hlometse sa mohlabani, se a o futuhela, wena Moradi wa Babilona.


Ka wena ke tla qhemetsa monna le mosadi, ka wena ke qhemetse maqheku le ditjharola, ka wena ke qhemetse banana le bashanyana.


Se hlometse ka diqha sa hlomela le ka marumo se sehloho, se bile se hloka mohau; mantswe a sona a hwasa sa lewatle le befile; se palame dipere, se theile theko ya ntwa, se futuhela wena Moradi wa Sione.”


Ka baka leo, nke ke ka ba hauhela, kapa hona ho ba utlwela bohloko. Motho ka mong o tla putswa ka tseo a di entseng ba bang.”


“Ka bona sebatana sa bobedi, se tshwanang le bere, se eme ka maoto a morao. Se ne se lomme mahopo a mararo ka meno a sona. Yaba ho thwe ho sona: ‘Ema, o harele nama e ngata!’


Samaria e tla fumana kotlo, hobane e fetohetse Modimo wa yona. Baahi ba yona ba tla bolawa ka sabole, masea a bona a pshatlanngwe fatshe, baimana ba bona ba tabolakwe dimpa.”


Sera se a o futuhela, wena Ninife, bea balebedi marakong a tshireletso, bea dihlwela le ditseleng tsa hao; itlame letheka, o hlomelle ntwa, o kgobokanye mabotho wohle a hao!


Empa le yona Tebese e ile ya haptjwa, tjhaba sa yona sa iswa bothopuweng. Mateanong a diterata tsohle, bana ba yona ba pshatlakanngwa; mahosana a yona a laolwa ka lotho, yaba bahlomphehi ba yona ba a tlangwa, ba tlangwa ka mahlaahlela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos