Isaia 10:34 - BIBELE34 Meru e teteaneng o tla e rema ka selepe, fate tsa Lebanone di wele kapele ho Ya Matla wohle. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)34 O tla rema boteteano ba moru ka tshepe, Lebanone o tla dihuwa ke Ya matla. Ver Capítulo |
Ka maqosa a hao o omantse Morena, wa re: Ka tshwele la kariki tsa ka, kariki tsa ka tsa ntwa, ke hlwele meqasa, ka ya fihla qhoweng tsa Lebanone; ka rema metsukutsuku ya kedare tsa teng, ka rema difate tse kgethehileng tsa moo; ka kenella harehare kgutlong tsa teng, ka kenella harehare mefidibithing.
Kgosi e ile ya bona leqosa le halalelang le theoha lehodimong, le re: ‘Remang sefate, le se fedise, empa le siye kutu le metso ya sona mobung, kutu eo le e tlamelle jwanng bo botalana ka mahlaahlela a tshepe le a lethose. Motho enwa a lalwe ke phoka ya lehodimo, a phele le dibatana tsa naha, ho fihlela ho feta dilemo tse supileng.’