Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 1:30 - BIBELE

30 Le tla tshwana le fate sa eike, se ponang mahlaku, le be jwaloka serapa se omeletseng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Mohlang oo, le tla ba jwaloka sefate sa eike seo mahlaku a sona a hlohlorehileng, le jwaloka tshimo e se nang metsi.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 1:30
11 Referencias Cruzadas  

Aborame a feta naheng eo, a ya fihla sebakeng se bitswang Shekeme, sefateng sa eike sa More. Bakanana ba ne ba ahile naheng eo.


Ke tla e tlohela e senyehe, morara o ke ke wa faolwa kapa wa lemelwa, hlabahlabane le meutlwa di tla mela ho yona, ke thibele maru a se ka e nesetsa pula.”


Morena o tla o tataisa kamehla, a o fe tseo o di hlokang leha naha e omeletse, a matlafatse ditho tsa mmele wa hao. O tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, o ke sediba seo mohlodi wa sona o sa psheng.


O thusa ba etsang ho loka, ba ho etsang ba thabile, bona ba hopolang ditsela tsa hao. Leha o no halefile re nnile ra etsa dibe; ebe jwale re ka pholoswa jwang?


Bohle re tshwana le motho, le motho ya sesila, ketso tsohle tsa rona tse lokileng di ka dikatana tse ditshila; bohle re omella sa lehlaku le omella, dibe tsa rona di re fefola sa moya ha o fefola.


Ba tla tla ba bine ba le hodima Sione, ba thabele bongata ba dimpho tsa Morena, e leng koro le veine le ole, le dikonyana, le dipotsanyane le manamane. Ba tla tshwana le serapa se nwesetswang hantle, ba ke ke ba hlola ba eba le mahlomola.


Fate tsohle tsa naha di tla tseba, di tsebe hore ke nna Morena. Fate tse telele ke a di diha, tsa dikakatjhelana tsona ke di hodise; tse talana ke di omeletse, tse omeletseng ebe di a tlokoma. “ ‘Nna Morena, ke buile, mme ke tla etsa jwalo.’ ”


A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos