Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 1:27 - BIBELE

27 “Toka e tla pholosa Sione, ba bakang ba pholoswe ke ho loka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Sione o tla lopollwa ka kahlolo, ba kgutlelang teng ba lopollwe ka ho loka.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 1:27
18 Referencias Cruzadas  

Balopollwa ba Morena ba tla kgutla ka yona, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla e be mefaphahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisipelo wona a ba tlohele.


Tseleng tau e ke ke ya eba teng, batana se bohale se ke ke sa e tsamaya, ha ho le se seng se tla bonwa ho yona, balopollwa ke bona feela ba tla e tsamaya.


Morena wa mabotho o tla ba phahamela kahlolong, Modimo ya halalelang o tla iponahatsa, ka ho loka a iponahatse a halalela.


“Lona batho ba ka, a le ke le mamele! Lona tjhaba sa ka ntshekeheleng tsebe! Molao o le tsamaisang o tla tswa ho nna, kahlolo ya ka e be sedi le bonesetsang ditjhaba.


Morena o bua tjena: “Le ile la rekiswa ntle ho tjhelete, le tla be le lopollwe ntle ho tjhelete.”


Ha o etsa tse lokileng o tla matlafala, bompodi bona bo ke ke ba eba teng ho wena, ha o ka ke wa tshaba letho, esita le ditshoso di ke ke tsa o atamela.


Ba tla bitswa tjhaba se halalelang, ba bitswe balopollwa ba Morena; wena o tla bitswa Mpatlwane, o bitswe motse o sa furallwang.


Ke hopotse tsatsi leo ke tla iphetetsa ka lona, lemo sa topollo le sona se se se fihlile.


Ke tla o nyala o be wa ka kamehla, ke o nyale ka toka le ka ho loka, ka lerato le ka kutlwelobohloko.


Lona tjhaba sa ka, hopolang morero wa Balake, morero wa Balake, kgosi ya Moabe, le hopole le karabo ya Bileame, mora wa Beore. Hopolang le lona leeto la lona la ho tloha Shitime ho ya Gilegale, le tle le tsebe ketso tse pholosang tsa Morena.”


Ke ka Modimo le leng ho Kreste Jesu, eo Modimo a mo entseng bohlale ba lona, le ho loka ha lona, le kgalalelo ya lona, le topollo ya lona.


Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.


Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos