Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Hosea 9:15 - BIBELE

15 “Bokgopo bohle ba bona bo qadile Gilegale, ka qala ho ba hloya ha ba le moo. Ka baka la bokgopo bona ba bona, ke tla ba leleka Tempeleng ya ka. Nke ke ka hlola ke sa ba rata, mahosana a bona wohle ke bafetohedi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bolotsana bohle ba bona bo Gilgale. Ke moo ke ba hloileng. Ka baka la bobe ba metsamao ya bona, ke tla ba leleka tlung ya ka. Ha ke sa tla hlola ke ba rata; marena wohle a bona ke baikgantshi.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 9:15
38 Referencias Cruzadas  

Yaba o furalla Leaho la hae la Shilo, e leng tente eo a neng a e hlomile, a e hlomile hara batho.


Babusi ba wona ke mahlabaphiyo, ba fetohile metswalle ya mashodu, kaofela ha bona ba rata tjotjo, kaofela ha bona ba labalabela dimpho. Ha ba ahlolele kgutsana hantle, nyewe ya mohlolohadi le yona ha ba e emele.


“Moratuwa o etsang ka tempeleng ya ka, ha e le moo a rera merero ya bolotsana? Ebe nama tsa mahlabelo di ka o phemisa kotlo ya hao? Ha o etsa bokgopo eba jwale o a thaba!”


Lefa la ka le tshwana le tau ya moru; e a nthorela, kahoo ke e hloile.


Jwale Morena a re ho nna: “Leha Moshe le Samuele ba ne ba ka ema kapele ho nna mona, pelo ya ka e ne e ke ke ya utlwela setjhaba sena bohloko. Tlosa batho bana kapele ho nna! Ere ba tsamaye!


Iseraele ya hlokang botshepehi ka mo hlala, ka ba ka mo nea lengolo la tlhalo, ka baka la tsohle tsa bokwenehi ba hae, le tsa bohlola boo a bo entseng, empa Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a tshaba, yaba le yena o etsa bootswa.


Ke tla ya ho ba baholo, ke buisane le bona; tsela ya Morena bona ba a e tseba, ba tseba le taelo tsa Modimo wa bona.” Empa kaofela ha bona joko ba e robile, marapo le wona ba a kgaotse.


Mahosana a bona a jwaloka diphiri tse harolang diphoofolo tseo di di bolaileng. A tsholla madi, a bolaya batho hore a tle a ithuise ka mano.


Ha a ntse a tswela pele ho etsetsa bootswa ba hae pepeneneng, a pepesa bofeela ba hae, ke ile ka mo nyonya, ka ba ka mo furalla, jwalokaha ke ile ka furalla ngwanabo.


Gomere a boela a emola, mme a beleha ngwana wa ngwanana. Morena a re ho Hosea: “Yena o mo ree lebitso la Mohanuwa, hoba ke tla hana ho hauhela Baiseraele, le ho ba tshwarela nke ke ka ba tshwarela.


Yaba Morena o re: “Yena o mo ree lebitso la Lebamang, hoba lona ha le setjhaba sa ka, le nna ha ke Modimo wa lona.”


Na bokgopo bo teng Gileade? Batho ba teng ke mafeelafeelane! Ba etsa mahlabelo ka dipohwana, ba a etse Gilegale, dialetare tsa bona di tla heletswa, di ke mekolokotwane hara masimo.


Morena o na le qoso e tobaneng le Juda, o tla otla Jakobo, a mo otlele boitshwaro ba hae, a mmuseletse ho ya ka diketso tsa hae.


Bana ba Iseraele le bona ba tla qeta nako e telele ba se na kgosi kapa kgosana; ba se na sehlabelo kapa sefika seo ba se kgumamelang, ba se na setipe kapa medingwana ya lelapa.


“Wena Iseraele, leha o iphetotse letekatse, Juda a se ke a ba molato jwaloka wena, Gilegale teng le se ke be la hata, le Bete-Afene le se nyolohele teng, kapa la hlapanya ka Modimo ya phelang!


Jwaloka setjhaba, baprista le bona ba tla otlwa, ke tla ba otla, ke ba otlele metsamao ya bona, ke ba putse ka baka la diketso tsa bona.


Kelellong tsa bona ha ba hlokomele hore ke hopola bokgopo ba bona. Kahohle dibe tsa bona di ba dikile, mme di pontsheng ya ka kamehla.”


Modimo wa ka o tla ba furalla, hobane ha ba a ka ba mo mamela; ba tla fetoha baleleri hara baditjhaba.


Se ke ke sa aha naheng ya Morena, Efraime yena o tla kgutlela Egepeta, tjhaba se je dijo tse sesila, se di jele Asiria.


Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye.


“Kaha le rata ho etsa sebe tloong Bethele; kaha le rata ho se atisa tloong Gilegale. Mahlabelo a lona le a nyehele ho tloha hoseng, diabo tsa lona le di ntshe ka tsatsi la boraro, le di ntshe ka tsatsi la boraro ka leng.


Kahoo ke tla le fallisa, ke le fallisetse ka nqane ho Damaseka,” ho rialo Morena, lebitso la hae ke Modimo wa mabotho.


Le se mpatle Bethele, le Gilegale le se kene, leha e le ho fetela Beeresheba, hoba Gilegale e tla fela e thoptjwe, Bethele yona e fetohe nanaola.”


Baetapele ba yona ba ahlolela ba ba neang tjotjo, baprista ba yona ba rutela ho newa moputso, baporofeta ba yona ba porofetela tjhelete; ho le jwalo, ba tshepile Morena, ba re: “Ha re re Morena o teng kahara rona? Ha ho koduwa e ka ba re wela hodimo!”


Lona tjhaba sa ka, hopolang morero wa Balake, morero wa Balake, kgosi ya Moabe, le hopole le karabo ya Bileame, mora wa Beore. Hopolang le lona leeto la lona la ho tloha Shitime ho ya Gilegale, le tle le tsebe ketso tse pholosang tsa Morena.”


Mahosana a wona ke tau tse purumang baahlodi ba wona ke phiri tse jang bosiu, ere bo esa di be di jele di qetile.


Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.


“Ruri, motseng ona, Heroda le Pontiuse Pilato, le baditjhaba, le merabe ya Iseraele, ba kopane ho lwantsha Jesu, mohlanka wa hao ya halalelang, eo o mo tlotsitseng,


Ha ba utlwile, ba kena ka Tempeleng e sa le hoseng, mme ba ruta. Ha Moprista e Moholo le ba nang le yena ba fihla, ba bitsa lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele, mme ha romelwa tjhankaneng hore ho yo latwa baapostola.


Jwale Joshua, a ena le Baiseraele bohle, a kgutlela diahelong tsa hae Gilegale.


Ka selemo le selemo o ne a ye a tsamaye a potoloha ho ya Bethele, le Gilegale, le Misepa, mme a ahlolela Baiseraele dibakeng tseo tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos