16 “Dane o tla busa setjhaba sa hae e le e mong wa merabe ya Iseraele.
16 Dane o tla ikahlolela setjhaba sa hae jwaloka o mong wa mefuta ya Iseraele.
Jwale Ragele a re: “Modimo o nkahloletse, ebile o utlwile thapelo ya ka, mme o mphile mora.” Ka baka leo, a mo rea lebitso la Dane.
O bona hore ho phomola ho monate, le hore naha e a kgahleha; a sekamisa lehetla la hae ho jara, a sebeletsa monga hae e le lekgoba.
Dane e tla ba noha e ka tseleng, e be marabe ya dinaka ka tseleng, ya lomang ditlhako tsa pere, mopalami wa yona a we ka sanketse.
Jwale ba nkileng mokgele wa diahelo tsa bana ba Dane, ba tswela pele leetong, ho ya ka mabotho a bona, ba le kamoraorao ho ba diahelo tsohle. Mookamedi wa lebotho la bona e ne e le Ahiesere, mora wa Amishadai.
“Ho Dane a re: “ ‘Dane yena ke dinyane la tau, le tlolang le etswa Bashane.’
Ho ne ho ena le monna ya bitswang Manowa, ya neng a ahile Sora. E ne e le wa morabe wa Dane. Mosadi wa hae e ne e le nyopa.
Mehleng eo ya Bafilesita, Samosone ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse mashome a mabedi.